Setsha seo a hlomileng tente ya hae ho sona a se reka ho bara ba Hamore, ntata Shekeme, ka ditjhelete tse lekgolo.
Joshua 21:21 - BIBELE Ba ba abela motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Shekeme e naheng e maralla ya Efraime, le makgulo a yona, le Gesere le makgulo a yona, Sesotho 1909/1961 (SO) Ba newa Sikeme le meraka ya wona, thabeng ya Efraime, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Gesere le meraka ya wona, |
Setsha seo a hlomileng tente ya hae ho sona a se reka ho bara ba Hamore, ntata Shekeme, ka ditjhelete tse lekgolo.
Davida a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a bolaya Bafilesita ho tloha Geba ho ya fihla Gesere.
Rehoboame a ya Shekeme, moo Baiseraele bohle ba neng ba ile teng, ho ya mmea hore e be kgosi.
Ba abelwa metse eo ho tshabelwang ho yona, e leng Shekeme e naheng e maralla ya Efraime, le makgulo a yona, le Gesere le makgulo a yona,
Jwale Horame, kgosi ya Gesere, a phalla ho tla thusa motse wa Lakishe. Joshua a mmolaya le setjhaba sa hae, a se ke a siya le ya mong.
Leha ha le jwalo ha ba a ka ba ba ba leleka Bakanana ba neng ba ahile Gesere. Bakanana ba nnile ba aha hara bana ba Efraime ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, mme ba fetoha makgoba a sebetsang ka thata.
Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone.
Ho ne ho ena le monna ya neng a phela naheng e maralla ya Efraime, lebitso la hae e le Mmika.
Abimeleke, mora wa Jerubaale, a ya Shekeme ho bo-malomae. A bua le bona le ba lelapa lohle la ntataemoholo ya tswalang mmae, a re: