Joshua 21:16 - BIBELE le Aine le makgulo a yona, le Juta le makgulo a yona, le Bete-Shemeshe le makgulo a yona. Ya eba metse e robong, e tswang merabeng eo e mmedi. Sesotho 1909/1961 (SO) le Aine le meraka ya wona, le Jutta le meraka ya wona, le Bethe-Shemeshe le meraka ya wona: metse e robileng mono o le mong melokong eo e mmedi. |
Metsana e ba potapotileng e ne e le Etame, le Aine, le Rimone, le Tokene, le Ashane, e ne e le metsana e mehlano,
Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda.
Jwale moedi o thinyetse ka bophirimela ho Baala, ho ya fihla thabeng ya Seire, ebe o fetela leropong le ka leboya la thaba ya Jearime — ke yona Kesalone — wa theosa ho ya fihla Bete-Shemeshe, wa ya feta Timina.
le Lebaote, le Shilehime, le Aine, le Rimone. Metse ena e ne e le mashome a mabedi a metso e robong, le metsana ya yona.
Dikgomo tsa otloloha feela ka mmila, e leng mmila o yang Bete-Shemeshe. Tsa tsamaya ka mmila o le mong feela, di ntse di tsamaya di lla; tsa se ke tsa kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. Dikgosi tsa Bafilesita tsa sala dikgomo tseo morao, ho ya fihla moeding wa naha ya Bete-Shemeshe.
Jwale le shebe! Haeba areka e nyolosa ka mmila o yang Bete-Shemeshe, naheng ya habo yona, e tla ba ke Modimo he, ya re etseditseng koduwa ena e kgolo, empa haeba ho se jwalo, re tla tseba hore hase Modimo ya re bolaileng, ke ntho e re hlahetseng e ne e sa rerwa.”