A haha ditora tse ding lehwatateng. A tjheka didiba tse ngata, hobane o ne a ena le mehlape ya diphoofolo diphuleng le dithoteng. O ne a ena le bahlanka ba lemang masimo, le a lemang difate tsa morara dithabeng le Karamele. O ne a rata temo haholo.
Hwatata le tla thunya haholo, le bine ka thabo, le fumane tlotla e kang ya Lebanone, botle e ke ba Karamele le ba Sharone; batho ba tla bona tlotla ya Morena, ba bone le botle ba Modimo wa rona.
Samuele a tsoha e sa le ka madungwadungwana, ho ya kopana le Saule. Samuele a bolellwa, ha thwe: “Saule o fihlile Karamele, mme o ntse a iketsetsa sefika hona teng. O se a bile a kgutlile, a theohetse Gilegale.”
Basife bao ba tsamaya, ba kgutlela Sife, ba etella Saule pele. Davida le banna ba hae ba ne ba le lehwatateng la Maone, phuleng e ka borwa ho lehwatata.
Saule le banna ba hae ba tsamaya ho ya batla Davida. Davida a tsebiswa taba ena, mme a theohela lefikeng, a ya phela lehwatateng la Maone. Ha Saule a utlwa taba ena, a phaladisa Davida ho ya fihla lehwatateng la Maone.
Ho ne ho ena le monna e mong Maone, eo motebo wa hae o neng o le Karamele. Monna eo o ne a ruile haholo, a ena le dinku tse dikete tse tharo, le dipodi tse sekete. O ne a le teng Karamele, ha ho ntse ho kutwa dinku tsa hae.
“ ‘Ke utlwile hore o na le bakuti; jwale badisa bao, bao o nang le bona, re ne re emela le bona. Ha re a ka ra ba etsa hampe, ebile le ka nako yohle, ha ba ntse ba le Karamele, ha ba a ka ba utswetswa letho.