Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela.
Joshua 20:7 - BIBELE Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba khetha Kedeshe wa Galelea, thabeng ya Nefthali, le Sikeme, thabeng ya Efraime, le Kiryath-Arba, e leng Hebrone, thabeng ya Juda. |
Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela.
Rehoboame a ya Shekeme, moo Baiseraele bohle ba neng ba ile teng, ho ya mmea hore e be kgosi.
Naheng e abetsweng ba morabe wa Nafthali ba abelwa Kedeshe e Galelea le makgulo a yona, le Hamone le makgulo a yona, le Kiriataime le makgulo a yona.
Rehoboame a ya Shekeme, moo Baiseraele bohle ba neng ba ile teng, ho ya mmea hore e be kgosi.
“Metse eo le tla e abela Balevi e tla ba metse e tsheletseng, eo ho tla tshabelwa ho yona, eo le e abelang ba bolaileng batho, hore ba balehele ho yona, mme kantle ho ena o tla ba abela metse e meng e mashome a mane a metso e mmedi.
Jwale matsatsing ao Maria a tloha, a phakisa a ya naheng e maloti, motseng o mong wa Judea.
haeba le boloka melao yohle eo ke le laelang yona kajeno, le e phetha; le rata Morena Modimo wa lona, le tsamaya ditseleng tsa hae kamehla, teng he, le tla eketsa metse e meng e meraro hodima ena e meraro.
Pele ho moo, lebitso la Heborone e ne e le Motse wa Areba, mme Areba e ne e le senatlahadi hara Baanake. Jwale naha ya phomola, ya hloka ntwa.
Ho ya ka taelo ya Morena ho Joshua, Kalebe, mora wa Jefune, o ile a abelwa karolo ya naha hara bana ba Juda; a mo abela le motse wa Areba, mme Areba e ne e le ntata Anake. Ke yona Heborone.
Metse e neng e haheleditswe e ne e le Sidime, le Sere, le Hamate, le Rakate, le Kinerete,
Kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, morabeng wa Rubene, ba kgetha Besere e lehwatateng le phuleng; morabeng wa Gade ba kgetha Rama e Gileade; morabeng wa Manase ba kgetha Golane e Bashane.
Ba ba nea Motse wa Areba o naheng e maralla ya Juda, e leng Heborone, le makgulo a yona a e potapotileng. Areba e ne e le ntata Anake.
Bara ba moprista Arone ba newa motse wa Heborone, oo babolai ba tshabelang ho wona, hore e be wa bona hammoho le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona, le motse wa Lebena le makgulo a wona,
Ba ba abela motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Shekeme e naheng e maralla ya Efraime, le makgulo a yona, le Gesere le makgulo a yona,
Naheng ya morabe wa Nafthali ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Kedeshe e Galelea, le makgulo a yona, le Hamote-Dore le makgulo a yona, le Karatane le makgulo a yona. Ya eba metse e meraro.
Joshua a memela merabe yohle ya Iseraele, Shekeme. A bitsa baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona. Ba itlhahisa kapele ho Morena.
Abimeleke, mora wa Jerubaale, a ya Shekeme ho bo-malomae. A bua le bona le ba lelapa lohle la ntataemoholo ya tswalang mmae, a re: