Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 20:8 - BIBELE

8 Kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, morabeng wa Rubene, ba kgetha Besere e lehwatateng le phuleng; morabeng wa Gade ba kgetha Rama e Gileade; morabeng wa Manase ba kgetha Golane e Bashane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mose wane wa Jordane, nqa botjhabela ho Jeriko, ba bea Betsere, lefeelleng la lehwatata, lelokong la Rubene; le Ramothe-Gileade, lelokong la Gade; le Golane, naheng ya Bashane, la Manasse.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 20:8
12 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya Iseraele ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na nka futuhela Rama e Gileade kapa tjhe?” Ba re: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”


Bo-kgosi Akasiya le kgosi Jorame, mora wa Akabe, ba ya lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame, a le Rama e Gileade. Baarame ba ntsha Jorame dikotsi.


Mose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, naheng ya ba morabe wa Rubene, ba abelwa Besere e lehwatateng le makgulo a yona, le Jahasa le makgulo a yona,


Naheng ya ba morabe wa Gade ba abelwa Rama e Gileade le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona,


Ra hapa metse yohle e phuleng, le Gileade yohle, le Bashane yohle, ho ya fihla Saleka, le Ederei, e leng metse ya mmuso wa Oge, e naheng ya Bashane.”


Motse wa Besere, o lehwatateng, phuleng, e ne e le wa morabe wa Rubene; wa Rama, o Gileade, e le wa morabe wa Gade; wa Golane, o Bashane, e le wa morabe wa Manase.


Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone.


Ena ke yona metse e ileng ya kgethelwa bana bohle ba Iseraele, le bajaki ba jakileng hara bona. Ho yona ho tla balehela mang kapa mang ya ka bolayang motho e se ka morero, hore a se ke a bolawa ke mophetetsi wa madi, ho fihlela mmolai a emiswa kapele ho phutheho.


Naheng ya karolo e nngwe ya morabe wa Manase bana ba Gereshone, ba malapa a Balevi, ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Golane e Bashane le makgulo a yona, le Beshetera le makgulo a yona. Ya eba metse e mmedi.


Kamose ho Jorodane, naheng ya morabe wa Rubene, ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Besere e lehwatateng le hodima sehlaba le makgulo a yona, le Jahase le makgulo a yona,


Naheng ya morabe wa Gade ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Rama e Gileade, le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos