“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.
Joshua 2:18 - BIBELE Ha re fihla naheng ena, o tle o tlame kgwele e kgubedu ena fesetereng eo o re lepeleditseng ho yona, mme o bitse ntatao, le mmao, le bana beno, le bohle ba lelapa leno, ba phuthehele mona ha hao, ka tlung ena. Sesotho 1909/1961 (SO) Bona mohla re kenang lefatsheng la lona, o ke o hokele kgwele ena ya lesika le lefubedu fensetereng eo o re theositseng ka sona; hape, o ke o bokelle ka ha hao ntatao, le mmao, le banabeno, le bohle ba ntlo ya ntatao. |
“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.
Morena a re ho Nowe: “Wena, le ba ntlo ya hao, kena ka arekeng, hobane ke bone hore molokong ona ke wena feela ya lokileng mahlong a ka.
Nka tiisetsa jwang ho bona bobe bo tla etswa ho setjhaba sa heso? Kapa nka tiisetsa jwang ho bona bang ka nna ba timetswa?”
Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta.
Melomo ya hao e ka kgwele e kgubedu, ho bua ha hao le hona ho a kgahleha; marama a hao, a kwahetsweng ke lesira, a tshwana le kgekge tsa kgarenate, kgarenate e petsotswe.
moprista o tla laela hore ya tlilo hlwekiswa a tlise dinonyana tse pedi, tse phelang, tse hlwekileng; thupa ya kedare, le kgwele e kgubedu, le lehlaku la hisopa.
Jwale moprista a nke patsi ya sefate sa kedare, le lehlaku la hisopa, le kgwele e kgubedu, a di akgele mollong, moo sethole se ntseng se etjha teng.
Hodima tsona ba ale lesela le lefubedu, mme ba kwahele ka letlalo la qibi, ebe ba kgwesa tafole mefenng ya yona.
Yaba Jesu o re: “Kajeno lelapa lena le fumane pholoho, kaha le yena e le mora wa Aborahama,
Petrose a kena ha Kornele a ntse a buisana le yena, mme a fumana ho phuthehile batho ba bangata.
Ka hona ke ile ka romela ho wena ka potlako, mme o entse hantle ha o tlile. Jwale rona bohle re teng mona pela Modimo, ho utlwa tseo o di laetsweng ke Morena.”
Morena a ke a sitse ba lelapa la Onesiforose ka mohau wa hae, hobane ka makgetlo o ile a nkgatholla, mme ha a a ka a hlajwa ke dihlong ka baka la ho ba ditlamong ha ka.
Moshe o ile a balla setjhaba sohle ditaelo tsohle ka ho ya ka Molao, a nto nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo bofubelu, le lehlaku la hisopa, a foka buka ya Molao le batho bohle,
Yaba o re: “A ho be jwalokaha le bolela.” A ba lokolla, ba tsamaya. A sala a tlama kgwele e kgubedu fesetereng.
Bahlankana ba dihlwela ba ya, ba tla le Rahaba, le ntatae, le mmae, le bana babo, le bohle bao a neng a ena le bona. Ba ntsha le ba malapa wohle a bang ka yena, ba ba bea kantle ho diahelo tsa Baiseraele.
Joshua a pholosa Rahaba wa seotswa, le ba lelapa lohle la ntatae, le bohle bao a neng a ena le bona. O ntse a phela le Baiseraele ho fihlela kajeno, hobane o ne a ile a pata baromuwa bao Joshua a neng a ile a ba roma ho hlwela Jeriko.