Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 8:6 - BIBELE

6 Nka tiisetsa jwang ho bona bobe bo tla etswa ho setjhaba sa heso? Kapa nka tiisetsa jwang ho bona bang ka nna ba timetswa?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 hobane nka itiisa ho tadima kotsi e tla hlahela setjhaba sa heso, mme nka tiisa jwang ho tadima tshenyeho ya ba mofuta wa heso?

Ver Capítulo Copiar




Esthere 8:6
9 Referencias Cruzadas  

Jwale nka nyolohela jwang ho ntate, ha mohlankanyana a le siyo? Ke tshaba ho bona bomadimabe bo tla hlahela ntate.”


Ka re ho kgosi: “Kgosi a e ke e re phelele! Ke tlamehile ho hlora, hobane motse oo mabitla a bo-ntate a leng ho wona, o fetohile lesupi, mme mamati a wona a tjhesitswe ka mollo.”


Rona le setjhaba sa heso, re se re rekisitswe hore re timetswe, re bolawe, re ripitlwe. Haeba re ne re rekisitswe hore re be makgoba le makgabunyane, nka be ke kgutsitse, hobane leha re ne re ka hlokofatswa ho ne ho ke ke ha tshwana leha kgosi e ne e lahlehelwa ke rona.”


Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, taelo le molao wa kgosi o ne o lokela ho phethahatswa. Ka letsatsi lena, dira tsa Bajuda di ne di tshepile hore di tla ba hlola, empa ditaba tsa fetoha, ya eba Bajuda ba hlolang dira tsa bona.


“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.


Hoja hlooho ya ka ke sediba sa metsi, mahlo a ka ebe ke mohlodi wa dikeledi, ke tle ke lle motsheare le bosiu, ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.


Bana beso, takatso ya pelo ya ka, le thapelo eo ke ba rapellang ka yona ho Modimo, ke hore ba pholoswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos