Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 8:7 - BIBELE

7 Yaba kgosi Ahashuerushe o re ho mofumahadi Esetere le ho Moredekai wa Mojuda: “Bonang mona, ke neile Esetere dintho tsohle tsa Hamane, mme Hamane yena ba se ba mo fanyehile sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, hobane o ne a rerile ho timetsa Bajuda.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Morena Assueruse a re ho mofumahadi Esthere le ho Mojuda Mordekai: Bonang, ke neile Esthere ntlo ya Hamane, mme yena o ile a fanyehwa sefateng, hobane a ne a isitse letsoho la hae ho Bajuda.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 8:7
7 Referencias Cruzadas  

Ha Ahashuerushe a qala ho busa, bahanyetsi ba mo ngolla lengolo, leo ka lona ba qosang baahi ba naha ya Juda le ba Jerusalema.


Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.


Harebona, e leng e mong wa mahaole a sebeletsang kgosi, a re: “Bonang! Lapeng ha hae, Hamane o hlomme sefate seo ho fanyehwang batho ho sona, se bophahamo ba dimethara tse mashome a mabedi a metso e mmedi. O se hlometse ho fanyeha Moredekai ya neng a bolelle kgosi taba tse ileng tsa e tswela molemo.” Yaba kgosi e re: “Fanyehang Hamane hona sefateng seo!”


Ka lona letsatsi leo, kgosi Ahashuerushe a nea mofumahadi Esetere dintho tsohle tsa Hamane, sera sa Bajuda. Moredekai a fihla a ema kapele ho kgosi, hobane Esetere o ne a ile a e bolella hore na o amana jwang le yena.


Monna ya lokileng o siela tloholo tsa hae lefa, leruo la moetsadibe ke lefa la ba lokileng.


Kreste o re lopolotse thohakong ya Molao, ka hore a fetohe ya rohakehileng ka baka la rona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya fanyehilweng sefateng o rohakehile.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos