“Ka baka lena, monga ka a ke a romele koro, le harese, le veine, le ole, e leng tseo a buileng ka tsona, ho rona bahlanka ba hae.
Joshua 19:46 - BIBELE le Me-Jarekone, le Rakone, le naha e tobaneng le Jafo. Sesotho 1909/1961 (SO) le Me-Jarkone le Rakkone, hammoho le naha e mabapa le Jafo. |
“Ka baka lena, monga ka a ke a romele koro, le harese, le veine, le ole, e leng tseo a buileng ka tsona, ho rona bahlanka ba hae.
Rona re tla rema difate tsohle tseo o di hlokang, mona Lebanone, re di tlamahanye, re di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, ho ya fihla Jopo. Jwale wena o tla di nka, o di ise Jerusalema.”
Empa Jonase a tsamaya, a balehela Tarashishe hore a be hole le Morena. A theohela Jopo, moo a fumaneng sekepe se lebang Tarashishe. Hoba a lefelle leeto, a kena ka sekepeng, hore a tle a ye Tarashishe mmoho le basesisi ba sona, hole le Morena.
Motseng wa Jopo ho ne ho ena le morutuwa ya bitswang Tabitha, e leng ho re Dorokase. Mosadi enwa o ne a etsa mesebetsi e mengata, e molemo, a etsetsa le mafutsana dithuso tse ngata.
Kaha Lida e le haufi le Jopo, barutuwa ha ba utlwa hore Petrose o Lida, ba roma banna ba babedi ho yena, ba mo rapela, ba re: “O se ke wa dieha ho tla ho rona.”
Petrose a hlola Jopo matsatsi a mangata, ha motho e mong ya bitswang Simone, sesuhi sa matlalo.
Bana ba Dane ba ne ba haellwa ke naha ya bona, mme ba nyoloha, ba futuhela Lesheme. Ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ya eba ya bona. Ba aha ho yona, yaba Lesheme ba se ba e bitsa Dane ka ho e reella ntata bona Dane.