Joshua 19:47 - BIBELE47 Bana ba Dane ba ne ba haellwa ke naha ya bona, mme ba nyoloha, ba futuhela Lesheme. Ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ya eba ya bona. Ba aha ho yona, yaba Lesheme ba se ba e bitsa Dane ka ho e reella ntata bona Dane. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)47 Naha ya bana ba Dane ya boela ya tswela kantle ho moo e neng e le ha bona; hobane bana ba Dane ba ile ba futuhela Lesheme, ba o kena, ba bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, ba o rua, mme ba aha teng, ba bitsa Lesheme Dane ka lebitso la ntata bona, Dane. Ver Capítulo |