Davida a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a bolaya Bafilesita ho tloha Geba ho ya fihla Gesere.
Joshua 18:24 - BIBELE le Kefare-Amoni, le Ofeni, le Geba. Ke metse e leshome le metso e mmedi. Sesotho 1909/1961 (SO) Kefar-Ammonai, Ofni, le Geba: ke metse e leshome le metso e mmedi le metsana ya yona. |
Davida a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a bolaya Bafilesita ho tloha Geba ho ya fihla Gesere.
Kgosi Asa a etsa kgoweletso e akaretsang bohle ba naheng ya Juda, hore ba thothe majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheleditse Rama ka tsona; yaba ka tsona o haheletsa Geba e Benjamine, le Misepa.
Kgosi Josiya a leleka baprista bohle metseng ya Juda, a silafatsa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, moo baprista bao ba neng ba tjhesetsa mokubetso teng, e leng ho tloha Geba ho ya fihla Beeresheba. A heletsa dibaka tsa borapedi tse dikgorong tsa metse eo, e leng monyakong wa Kgoro ya Joshua, mookamedi wa motse, e neng e le ka letsohong le letshadi la kgoro ya motse.
Ha se etswa lekgalong sa re: “Bosiung bona ke tla ya emisa Gobe.” Rama e tetemisa dirope, e a thothomela, Gibea ya Saule yona e a baleha.
Naheng ya morabe wa Benjamine ya eba Gibeone le makgulo a yona, le Geba le makgulo a yona,
Jonathane a hlola lebotho la Bafilesita le neng le le Gibea. Bafilesita ba utlwela taba ena. Saule a laela hore ho letswe lenaka naheng yohle, a re: “Baheberu ha ba ke ba mamele!”