Moedi o ne o nyolosetsa Bete-Hogela, o yo pota ka leboya ho Bete-Araba, o nyolose hape ho ya fihla Lefikeng la Bohane, mora wa Rubene.
Joshua 18:18 - BIBELE Wa ikgohla ka phula, wa leba leboya ho Araba, wa nto theohela ka phuleng. Sesotho 1909/1961 (SO) O ntoo fetela pele ho ya mabapa le lehwatata nqa leboya; teng o theosetsa lehwatateng. |
Moedi o ne o nyolosetsa Bete-Hogela, o yo pota ka leboya ho Bete-Araba, o nyolose hape ho ya fihla Lefikeng la Bohane, mora wa Rubene.
Moedi wa sehwa ka leboya, wa ya fella Ene-Shemeshe le Gelelote e malebana le moepa wa Adumime. Ho tloha moo moedi wa theohela Lefikeng la Bohane, mora wa Rubene.
Moedi wa boela wa fetela lehlakoreng le ka leboya ho Bete-Hogola, wa ya fella koung e ka leboya ho Lewatle la Letswai, ka lehlakoreng le ka borwa ho Jorodane. Ona ke moedi o ka borwa.