empa seqha sa hae se ntse se tiile, o matjato diatleng le matsohong a hae; o thuswa ke matsoho a Ya Matla wa Jakobo, e leng Modisa, Lefika la Iseraele.
Joshua 17:18 - BIBELE Naha e maralla e tla ba ya lona, hobane leha e tletse meru le tla e hleka, e be ya lona ho ya fihla meeding ya yona. Leha Bakanana ba ena le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe, mme ba le matla, le tla ba leleka.” Sesotho 1909/1961 (SO) leha e le moru le tla ikgathela teng, le phello ya wona e tla ba ya lona; hobane le tla leleka Bakanana, leha ba ena le makoloi a tshepe, hape ba le matla. |
empa seqha sa hae se ntse se tiile, o matjato diatleng le matsohong a hae; o thuswa ke matsoho a Ya Matla wa Jakobo, e leng Modisa, Lefika la Iseraele.
Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?
Pholwana hae ya letsibolo e kgabile ka tlotla, naka tsa yona ekare ke naka tsa nare, ka tsona e tla sututsa matjhaba wohle, e a fihlise pheletsong tsa lefatshe. Naka tseo ke dikgothokgotho tsa Efraime, naka tseo ke diketekete tsa Manase.’
Ke ka baka leo re leng sebete ho re: “Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshaba letho. Motho a ka nketsang?”
“Baahi bohle ba naha e maralla, ho tloha Lebanone, ho ya fihla Miserefote-Maime, le Basidone bohle, ke tla ba leleka kapele ho bana ba Iseraele. Dinaha tsena o di abele bana ba Iseraele e le lefa la bona, jwalokaha ke o laetse.
Jwale moedi wa sehwa ho tloha tlhorong ya thaba, ho ya fihla sedibeng sa metsi a Nefetwa; wa fetela metseng ya thaba ya Eferone. Wa boela wa sehwa ho ya Baala — ke yona Kiriate-Jearime.
Yaba Joshua o bua le ba ntlo ya Josefa, e leng ba ntlo ya Efraime, le ba ntlo ya Manase, o re: “Le setjhaba se seholo, se matla haholo; le ke ke la fumana seabo se le seng feela.
Jwale Galelea, naheng e maralla ya Nafthali ba kgetha Kedeshe; naheng e maralla ya Efraime ba kgetha Shekeme, mme naheng e maralla ya Juda ba kgetha Motse wa Areba, e leng Heborone.
Ho ne ho ena le monna e mong wa Ramataime-Sofime, wa naha e maralla ya Efraime. Lebitso la hae e ne e le Elekana, mora wa Jerohame, Jerohame mora wa Elehu, Elehu mora wa Tohu, Tohu mora wa Sufe, wa morabe wa Efraime.