La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 17:15 - BIBELE

Yaba Joshua o re ho bona: “Haeba le le setjhaba se seholo, nyolohelang morung mane, mme le hleke difate naheng ya Baperise, le ya Barefaime, hobane sebaka sena sa naha e maralla se senyenyane bakeng sa lona.”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Joshua a re ho bona: Ha le le batho ba bangata, eyang morung, le ikgathele teng fatsheng la Baferese le la Barefaime, ha thaba ya Efraime e sa le lekane.

Ver Capítulo



Joshua 17:15
12 Referencias Cruzadas  

Diqabang tsa hlaha pakeng tsa badisana ba Aborame le ba Lota. Nakong eo Bakanana le Baperise ba ne ba ahile naheng eo.


Ka selemo sa leshome le metso e mene Kedore-Laomere le dikgosi tse neng di ikopantse le yena, a tla, mme a hlola Barefaime ba le Ashetarote-Karanaime, le Basusime ba le Hame, le Baemime ba le thoteng ya Kiriataime;


le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Barefaime,


Mabotho a tswela naheng ho ya lwantsha Baiseraele. Ntwa ya lwanela morung wa Efraime.


Bafilesita ba fihla, ba hwaramana ka kgohlong ya Refaime.


Bafilesita ba boela ba nyoloha, ba fihla ba hwaramana ka kgohlong ya Refaime.


Ha dintho tsena di se di phethilwe, baetapele ba tla ho nna, ba re: “Setjhaba sa Iseraele, le baprista, le Balevi ha ba ya ikgetholla ho baahi ba dinaha tsena; ba etsa manyala a etswang ke Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bajebuse, le Baamone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


Ke tla romela lengeloi ho o etella pele, mme ke tla leleka Bakanana, le Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


athe ha e le ya ileng a etsa tse lokelwang ke kotlo a sa ka a tseba thato ya monga hae, o tla shapuwa hanyenyane. Mang le mang ya neilweng haholo, ho tla batlwa tse ngata ho yena, mme ya tshepetsweng tse ngata o tla botswa ho feta.”


Bana ba Josefa ba bua ho Joshua, ba re: “Ke ka baka lang ha o re file seabo se le seng le karolo e le nngwe feela e le lefa la rona, empa o bona hore re setjhaba se seholo, mme ho fihlela jwale Morena a nnile a re hlohonolofatsa?”


Bana ba Josefa ba re: “Naha e maralla ha e a re lekana. Bakanana bohle ba ahileng naheng e kgohlong, le ba ahileng Bete-Sheane le metsaneng ya yona, le ba ahileng kgohlong ya Jiserele ba na le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe.”


Ho ne ho ena le monna ya neng a phela naheng e maralla ya Efraime, lebitso la hae e le Mmika.