Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 13:7 - BIBELE

7 Diqabang tsa hlaha pakeng tsa badisana ba Aborame le ba Lota. Nakong eo Bakanana le Baperise ba ne ba ahile naheng eo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba qabang e hlaha mahareng a badisa ba mehlape ya Abrame le badisa ba mehlape ya Lota. Mehleng eo Bakanana le Baferese ba ne ba ahile naheng eo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 13:7
20 Referencias Cruzadas  

Moedi wa Bakanana o ne o tloha Sidone, ho ya fihla Gerare, le ho ya fihla Gasa, le ho ya Sodoma, le Gomora, le Adema, le Seboime, ho ya fihla Lasha.


Aborame a feta naheng eo, a ya fihla sebakeng se bitswang Shekeme, sefateng sa eike sa More. Bakanana ba ne ba ahile naheng eo.


Yare ha Aborahama a ipelaetsa ho Abimeleke ka baka la sediba seo bahlanka ba Abimeleke ba mo amohileng sona ka dikgoka,


Badisa ba Gerare ba tsekisana le ba Isaka, ba re: “Metsi ana ke a rona.” Yaba sediba seo o se rea lebitso la Eseke, hobane ba ne ba se tsekisane le yena.


Yaba Jakobo o re ho Simeone le Levi: “Le ntliseditse tsietsi ka ho ntlhobohanya le baahi ba naha ena, e leng Bakanana le Baperise. Palo ya batho ba ka e a fokola, mme haeba ba ka ikopanya, ba ntwantsha, nna le ba ntlo ya ka re tla timetswa.”


le tle le re: ‘Haesale bahlanka ba hao e le badisa, ho tloha botjheng ba bona, ho fihlela kajeno, rona le bo-ntata rona,’ e le hore le tle le jake seterekeng sa Goshene, hobane Baegepeta ba kgesa badisana bohle.”


Ka boela ka re: “Ntho ena eo le e etsang ha e a loka. Le tshwanela ho phela ka ho tshaba Modimo wa rona, e le hore baditjhaba, e leng dira tsa rona, ba tle ba se ke ba re nyatsa.


Ke ha ho fihla badisa, eba ba a ba leleka; yaba Moshe o a ema, o a ba thusetsa, a ba a nwesa mohlape wa bona.


Ke tlotla ho kgaohana le diqabang, sethoto sona ke maratahelele!


Haeba lelapa le ikarola ho itwantsha, lelapa leo le ke ke la tiya.


hobane le ntse le le ba lefatshe. Ha e le mona le sa na le mohono le diqabang hara lona, na hoo ha ho supe hore le ba lefatshe, mme le laolwa ke tsa botho?


tshebeletso ya medimo ya bohata, boloi, bora, diqabang, mohono, kgalefo, dikgang, diphapang, dikgaohano,


Ebang sedi ho ba kantle, le sebedise monyetla oo le o fumanang.


Ka tsela ena bophelo ba lona e be bo tshwanelehang mahlong a ba kantle, mme le se ke la hloka letho ho motho.


Pele le rona re ne re le dithoto, re hana ho mamela, re kgelohile, re le makgoba a ditakatso le a menyaka ya mefutafuta, re phela ka lonya le ka mona, re hloyehile, re hloyane.


Moo lefufa le dikgang di leng teng, ho na le meferefere le mesebetsi e kgopo.


Dintwa le diqabang tse hara lona di bakwa keng? Na ha di bakwe ke ditakatso tse mpe tse lwanang ka ho lona?


Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos