Batho ba bang ba fihla, ba bolella Jehoshafate, ba re: “Lebotho le leholohadi, le tswang Edomo, ka nqane ho lewatle, le a tla, le tlilo o futuhela. Le se le le Hasesone-Tamare, e leng Ene-Gedi.”
Joshua 15:62 - BIBELE le Nibeshane, le Motse wa Letswai, le Ene-Gedi. Metse ena, e ne e tsheletse, le metsana ya yona. Sesotho 1909/1961 (SO) Nibshane, Ire-Hammela, le Ene-Gedi: ke metse e tsheletseng le metsana ya yona. |
Batho ba bang ba fihla, ba bolella Jehoshafate, ba re: “Lebotho le leholohadi, le tswang Edomo, ka nqane ho lewatle, le a tla, le tlilo o futuhela. Le se le le Hasesone-Tamare, e leng Ene-Gedi.”
Ho nna moratuwa o tshwana le thunthung tsa mmasa, tse tswang masimong a morara, masimo a Ene-Gedi.
Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo.
Ha e le Bajebuse bona, e leng baahi ba Jerusalema, bana ba Juda ba ile ba sitwa ho ba leleka. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno, Bajebuse ba ntseng ba ahile Jerusalema, mmoho le bana ba Juda.
Ha Saule a kgutla ho tswa phaladisa Bafilesita, batho ba mmolella, ba re: “Hela! Davida o lehwatateng la Ene-Gedi.”