A ba a tswala le Shaafe, ya ileng a thea Mademana; a tswala le Shefa, ya ileng a thea Makebena, le Gibea. Moradi wa Kalebe e ne e le Akasa.
Joshua 15:17 - BIBELE Yaba Oteniele, mora wa Kenase, ngwanabo Kalebe, o hapa Kiriate-Sefere, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae hore e be mosadi wa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Othniele, mora Kenase, ngwanabo Kalebe, o a o kena; mme a mo nea Aksa, moradi wa hae, ya eba mosadi wa hae. |
A ba a tswala le Shaafe, ya ileng a thea Mademana; a tswala le Shefa, ya ileng a thea Makebena, le Gibea. Moradi wa Kalebe e ne e le Akasa.
Heledai wa Monetofa, wa morabe wa Oteniele, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.
Ha ho le ya mong, haese Kalebe, mora wa Jefune, wa morabe wa Bakenase, le Joshua, mora wa Nune, hobane bona ba latetse Morena ka botshepehi.’
Bana ba Juda ba ya ho Joshua ha a le Gilegale, mme Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, a re ho yena: “O tseba seo Morena a neng a se bue ho Moshe, mohlanka wa Modimo, malebana le nna, le malebana le wena, ha re le Kadeshe-Barenea.
Yaba Kalebe o re: “Mang kapa mang ya ka futuhelang motse wa Kiriate-Sefere, mme a o hapa, ke tla mo nea moradi wa ka Akasa, hore e be mosadi wa hae.”
Jwale Oteniele, mora wa Kenase, moena Kalebe, a e hapa, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae Akasa, hore e be mosadi wa hae.
Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. Yaba Oteniele, mora wa Kenase, o a shwa.
Ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi ya ileng a ba namolela. Ke Oteniele, mora wa Kenase, moena wa Kalebe.