Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 14:6 - BIBELE

6 Bana ba Juda ba ya ho Joshua ha a le Gilegale, mme Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, a re ho yena: “O tseba seo Morena a neng a se bue ho Moshe, mohlanka wa Modimo, malebana le nna, le malebana le wena, ha re le Kadeshe-Barenea.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ebile bana ba Juda ba tla ho Joshua Gilgale; Kalebe, mora Jefunne, Mokenise, a re ho yena: O tseba taba eo Jehova a neng a e bolelle Moshe, monna wa Modimo, bakeng sa ka le sa hao, ha re le Kadeshe-Barnea.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 14:6
30 Referencias Cruzadas  

Ka taelo ya Morena, moporofeta wa Modimo, ya tswang naheng ya Juda, a fihla Bethele. A fumana Jeroboame a eme pela aletare, a ntse a tjhesa mokubetso.


A sala moporofeta eo wa Modimo morao, a mo fumana a dutse tlasa sefate sa eike, mme a re ho yena: “Na ke wena moporofeta wa Modimo ya tswang Juda?” Yena a re: “E, ke nna.”


Elisha a re: “Isao, ka yona nako ena, o tla be o ena le mora.” Mosadi a re: “Wee, mong aka, moporofeta wa Modimo, se ke wa thetsa lekgabunyane la hao.”


Monna e mong a fihla, a etswa Baale-Shalesha, a tliseditse moporofeta wa Modimo bohobe ba dilopotsiya, e le dinkgwa tsa harese tse mashome a mabedi, le diako tsa koro, a di kentse kahara seroto sa hae. Elisha a re: “Di fe batho bana, ba je.”


Mosadi eo a re ho monna wa hae: “Ke hlokomela hore monna enwa ya fapohelang mona ho rona kamehla, ke monna ya halalelang wa Modimo.


Moporofeta wa Modimo a sitlolela Hasaele mahlo, ho fihlela a ba a hlajwa ke dihlong, mme yaba moporofeta wa Modimo o a lla.


Ha Elisha a fihla Damaseka, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, o ne a kula. Ha tsebiswa kgosi, ha thwe: “Moporofeta wa Modimo o fihlile mona.”


Bara ba Moshe, mohlanka wa Modimo, bona ba ile ba balellwa le ba morabe wa Levi.


Thapelo ya Moshe, mohlanka wa Modimo. Morena, o bile setshabelo sa rona melokong yohle.


Ka ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, ka ba kenya ka kamoreng ya bara ba Hanane, mora wa Jigedaleya, moporofeta wa Modimo ya neng a le haufi le kamore ya mahosana, e neng e le kahodimo ho kamore ya Maasiya, mora wa Shalome, eo e neng e le molebedi wa monyako.


Ba tsamaya, ba fihla ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba neng ba le lehwatateng la Parane e Kadeshe. Ba behela Moshe, le Arone, le setjhaba sohle ditaba, mme ba ba bontsha le ditholwana tsa naha eo.


Jwale Kalebe, a le kapele ho Moshe, a re ho setjhaba: “Tsie lala! Re tla nyolohela teng habobebe, mme naha eo e tla ba ya rona, hobane re tla e hapa.”


morabeng wa Juda e le Kalebe, mora wa Jefune;


Empa mohlanka wa ka Kalebe, kaha yena o na le moya o sa tshwaneng le wa ba bang bana, mme o ile a ntatela ka ho tlala, ke tla mo finyeletsa naheng eo a kileng a ya ho yona, mme ditloholo tsa hae di tla e rua.


ruri le ke ke la finyella naheng eo ke hlapantseng hore ke tla le ahisa ho yona, haese Kalebe, mora wa Jefune, le Joshua, mora wa Nune.


Joshua, mora wa Nune, le Kalebe, mora wa Jefune, e leng ba ba neng ba ilo hlwela naha, ba hahola diaparo tsa bona.


Morena o ne a ile a bolela hore ba tla shwela lehwatateng, mme ho se ke ha sala le ya mong, haese Kalebe, mora wa Jefune, le Joshua, mora wa Nune.


Ha ho le ya mong, haese Kalebe, mora wa Jefune, wa morabe wa Bakenase, le Joshua, mora wa Nune, hobane bona ba latetse Morena ka botshepehi.’


Ena ke tlhohonolofatso eo Moshe mohlanka wa Modimo, a ileng a hlohonolofatsa bana ba Iseraele ka yona, pele a eshwa.


Haesale ho tloha moo, ha ho eso ka ho eba le moporofeta ya kang Moshe naheng ya Iseraele, eo Morena a neng a bua le yena difahleho tsa bona di tadimane.


Yaba Moshe mohlanka wa Morena, o shwella naheng eo ya Moabe, jwalokaha Morena a ne a boletse.


Wena motho wa Modimo, baleha tsena, o habe ho loka, borapedi, tumelo, lerato, tiisetso, mosa.


hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng.


Jwale Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a kgutlela diahelong tsa hae Gilegale.


Ka baka lena, Heborone ya eba lefa la Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, hobane a ne a ile a latela Morena Modimo wa Iseraele, ka ho tlala.


Yaba Oteniele, mora wa Kenase, ngwanabo Kalebe, o hapa Kiriate-Sefere, mme Kalebe a mo nea moradi wa hae hore e be mosadi wa hae.


Ka letsatsi la leshome kgweding ya pele, setjhaba sa tshela Jorodane, sa hloma Gilegale, moeding o ka botjhabela wa Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos