La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Joshua 10:8 - BIBELE

Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane ke se ke o neile bona. Ha ho monna le ya mong wa bona ya tla ema kapele ho wena.”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Jehova a re ho Joshua: O se ke wa ba tshaba, etswe ke tla ba neela matsohong a hao; ha ho le a mong ho bona ya tla ema pela hao.

Ver Capítulo



Joshua 10:8
16 Referencias Cruzadas  

Jwale moporofeta e mong a fihla ho Akabe, kgosi ya Iseraele, a re: “Morena o bua tjena: ‘Na o bona boiyane boo ba bahlabani? Ke tla neelana ka bona matsohong a hao kajeno, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


Morena a re ho nna: ‘Le se ke la tshaba, hobane Oge, mmoho le setjhaba sa hae sohle, le naha ya hae, ke neelane ka yena matsohong a lona. O tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone.’


O tla neelana ka dikgosi tsa ditjhaba tseo matsohong a lona, mme le tla timetsa mabitso a tsona lefatsheng. Ha ho motho ya ka le emang kapele, ho fihlela le di timeditse tsohle.


Joshua a re ho bona: “Le se ke la tshaba kapa la tsieleha. Le be matla, le be sebete haholo, hobane dira tsa lona tsohle, tseo le di lwantshang, Morena o tla di etsa tjena.”


Joshua a tsamaya bosiu bohle ho tloha Gilegale, mme a ba futuhela ka ho ba tsometsa.


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ka yona nako ena, ke tla neelana ka bona ho Baiseraele e se e le ditopo. O tla kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona o di tjhese ka mollo.”


Morena a re ho Joshua: “Se tshabe, mme o se ke wa nyahama pelo. Nka bahlabani bohle, o ye motseng wa Ai. Bona, ke neelane ka kgosi ya Ai matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le naha ya hae.


Morena a re ho yena: “Ruri ke tla ba le wena, mme o tla hlola Bamidiane jwalokaha eka ke motho a le mong.”


Ka bona bosiu boo Morena a re ho Gideone: “Tsoha, o theohele diahelong tsa Bamidiane, hobane ke neelane ka tsona matsohong a hao.


Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.”