Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:1 - BIBELE

1 Morena a re ho Joshua: “Se tshabe, mme o se ke wa nyahama pelo. Nka bahlabani bohle, o ye motseng wa Ai. Bona, ke neelane ka kgosi ya Ai matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le naha ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Jehova o re ho Joshua: Se tsohe, mme o se ke wa tepella; eya o nkile le wena bahlabani bohle, o tlohe, o futuhele Ai; bona, ke neetse matsohong a hao morena wa Ai, le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le lefatshe la hae.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:1
24 Referencias Cruzadas  

Pesalema ya Davida. Morena ke lesedi la ka le pholoho ya ka; nka tshaba mang? Morena ke setshabelo sa bophelo ba ka; nka tshoha mang?


O ile wa leleka ditjhaba, hore o tle o ba bee naheng ya tsona; wa etsa merabe hampe, hore ba tle ba namele hohle.


“Kgaotsang, le tsebe hore nna ke Modimo, ke tla okamela ditjhaba, ke okamele lefatshe.”


Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.”


Ha o tshela hara madiba ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka ha di ka ke tsa o nka. Ha o tsamaya hara mollo ha o ka ke wa tjha, malakabe ha a ka ke a o tjhesa.


“Wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshaba, wena Iseraele, o se ke wa tsieleha, hoba ke tla o pholosa o le naheng e hole, le ditloholo tsa hao naheng ya bothopuwa. Jakobo o tla kgutla, a be le kgotso le boiketlo, ho se be ya ka hlolang a mmakela tshabo.


“Bokolla, wena Heshebone, hobane Ai e timeditswe! Howeletsang lona baahi ba Raba! Aparang tse mahwashe, le hlomohe! Tjhalakang, le ye hohle kahara marako, hobane Milekome, modingwana bona, o tla thopuwa, a thopuwe le baprista le mahosana a hae.


Dinako le mehla di fetolwa ke yena, o diha dikgosi a ba di hlomamise; bahlalefi ba hlalefiswa ke yena, ba nang le kutlwisiso a ba abele tsebo.


O tla lelekwa hara batho, o yo phela le dibatana tsa naha; o tla ja jwang jwaloka dikgomo, o lalwe ke phoka ya lehodimo. Dilemo tse supileng di tla feta ho fihlela o tseba hore Ya Hodimodimo ke yena ya laolang mmuso wa batho, mme o o nea ofe le ofe eo a mo ratang.


Baahi bohle ba lefatshe hase letho; o etsa thato ya hae ka mabotho a lehodimo, le ho baahi ba lefatshe o etsa jwalo. Ha ho ya ka thibelang tsoho la hae, kapa a re ho yena: ‘O etsang jwale?’


A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!


Bonang, Morena Modimo wa lona, o le neile naha ena. Nyolohang le yo inkela yona, jwalokaha Morena Modimo wa bo-ntata lona, a buile ho lona. Le se ke la tshaba; le se ke la nyahama dipelo.’


Ke Morena ya tla o etella pele. O tla ba le wena; a ke ke a o lahla kapa a o furalla. O se ke wa tshaba kapa wa tsieleha.”


Le se ke la di tshaba, le mpe le hopole hantle seo Morena Modimo wa lona, a neng a se etse ho Faro, le ho Bagepeta bohle;


“Le se ke la di tshaba, hobane Morena Modimo wa lona, o teng hara lona, mme ke Modimo e moholo, ya tshabehang.


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Joshua a nyoloha Gilegale, a ena le bahlabani bohle, le banna bohle ba bahale.


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane ke se ke o neile bona. Ha ho monna le ya mong wa bona ya tla ema kapele ho wena.”


Ba re ho Joshua: “Ruri Morena o re neile naha eo yohle; ho feta mona, baahi bohle ba yona ba tshositswe haholo ke ho utlwa hore re a tla.”


Jwale Morena a re ho Joshua: “Bona, ke neelana ka Jeriko le kgosi ya yona, le banna ba dinatla, ba sebete, matsohong a hao.


Ha Bakanana, le baahi bohle ba naha ena ba utlwa, ba tla re dikanela, ba re fedise lefatsheng. Lebitso lee la hao le leholo, o tla le etsetsa eng?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos