Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 7:26 - BIBELE

26 Ba kgobella majwe hodima hae, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le teng. Kgalefo e tlokomang ya Morena ya kokobela. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno sebaka seo se ntseng se bitswa ka lebitso la Kgohlo ya Akore.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ba etsa sefika se seholo sa majwe hodima hae; se sa le teng le kajeno. Yaba Jehova o bohla bohaleng ba ho halefa ha hae. Ka baka lena, bitso la teng la bitswa sekgutlo sa Akore (pherekanyo) ho fihlela kajeno.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 7:26
22 Referencias Cruzadas  

Ba nka setopo sa Abosalome, ba se lahlela ka lemeneng le leholo, le neng le le ka morung, ba se qhobella ka majwe, ba etsa qubu e kgolo. Jwale Baiseraele bohle ba phasaphasa, motho ka mong a leba lapeng la hae.


Ba epela masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule, naheng ya morabe wa Benjamine, e Sela, ka lebitleng la ntatae Kishe. Ba etsa tsohle tseo kgosi e laetseng hore di etswe, mme kamora moo, naha ya rapellwa ho Modimo.


Jwale ke rerile ho etsa selekane le Morena Modimo wa Iseraele, e le hore kgalefo ya hae e tshabehang e tle e fele.


Baetapele bohle ba setjhaba ba ke ba eme ka maoto; bohle ba metseng ya rona, ba nyetseng basadi ba baditjhaba, ba tle ka nako e beilweng, mme ba tle le baholo, le baahlodi ba motse o mong le o mong, ho fihlela kgalefo ya Modimo wa rona, tabeng ena, e re fapoha.”


O ile wa kokobetsa bohale bohle ba hao, wa kgutla kgalefong ya hao e tukang.


O etsetsang hore Baegepeta ba tle ba re: ‘O ba ntshitse ka morero o mobe, hore a tle a yo ba bolaela dithabeng, le ho ba timetsa lefatsheng’? Kokobetsa kgalefo ya hao e tukang, o fetole morero wa hao wa ho timetsa setjhaba sa hao.


Kgothatsang Jerusalema ka lerato, e bolelleng: Bokgoba ba yona bo fedile, sebe sa yona se tshwaretswe, Morena o e otletse sona haholo.


Metebo ya dikgutshwane e tla hlongwa Sharone, kgohlong ya Akore makgomo a bothe teng, e le mehlape ya tjhaba sa ka, tjhaba se mpatlang.


Di nkakgetse ka mokoting ke ntse ke phela, molomo wa mokoti tsa o kwala ka lejwe.


Moo teng ke tla mmuseletsa, ke mmuseletse dirapa tsa morara, kgohlo ya Akore ke e etse monyako wa tshepo. Teng o tla tsanyaola, a tsanyaole sa botjheng ba hae, sa mohla a neng a nyoloha Egepeta.


Mabitso a bo-Baale ke tla a fedisa, le ho bitswa a ke ke a hlola a bitswa.


Pelo tsa lona di ke di swabe, ho ena le ho hahola diaparo tsa lona. Kgutlelang ho Morena, Morena Modimo wa lona, hobane o mosa, o mohau, o dieha ho halefa, o tletse lerato, o hauhela ba etsang bokgopo.


Morena a boulela naha ya hae, setjhaba sa hae a se hauhela.


Yaba ba kakasa Jonase, ba mo akgela lewatleng, mme maqhuba a kokobela.


Yaba lengeloi le a howeletsa, le re ho nna: “Bona, dipere tse lebang naheng e ka leboya di kokobeditse kgalefo ya Morena naheng eo.”


a sala monna eo wa Moiseraele morao ho ya ka tenteng ya hae, a ba phehletsa ka lerumo bobedi ba bona, monna eo wa Moiseraele le mosadi eo. Sewa se neng se wetse bana ba Iseraele hodimo sa fela,


Ho se be letho la dintho tse halalelang tseo le ka di nkang, e le hore bohale bo tshabehang ba Morena bo tle bo kokobele, a le hauhele, a le ngatafatse jwalokaha a hlapanyeditse bo-ntata lona.


Feela le mamele lentswe la Morena Modimo wa lona, le boloke melao ya hae yohle eo ke le laetseng yona kajeno, le etse ho lokileng mahlong a Morena Modimo wa lona.”


Ha letsatsi le dikela, Joshua a laela hore ba theole ditopo tseo difateng. Ba di akgela ka lehaheng leo dikgosi di neng di ipatile ka ho lona. Ba bea majwe a matonana molomong wa lehaha leo, mme majwe ao a ntse a le teng le kajeno-ya-bokajeno.


Jwale bo-Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane, mora wa Sera, le silefera, le seaparo, le setene sa kgauta, le bara ba hae, le baradi ba hae, le dikgomo tsa hae, le ditonki tsa hae, le dinku tsa hae, le tente ya hae, le tsohle tseo a neng a ena le tsona; ba di isa ka kgohlong ya Akore.


A fanyeha kgosi ya Ai sefateng, setopo sa yona sa tlohelwa moo ho fihlela mantsiboya. Ha letsatsi le dikela Joshua a laela hore setopo se fanyollwe sefateng. Ba se lahlela monyakong wa kgoro e kenang ka motseng, ba se kwahela ka qubu ya majwe. Qubu eo e ntse e le teng le kajeno-ya-bokajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos