Jonase 4:4 - BIBELE Empa Morena a mo araba, a re: “Na o etsa hantle ha o halefa?” Sesotho 1909/1961 (SO) Empa Jehova a re: Na ke hantle ha o hloname na? |
Akabe a kgutlela lapeng ha hae, pelo ya hae e tetebetse, a hloname, ka lebaka la puo eo Nabote wa Mojesereele a e buileng ho yena, hobane o ne a ile a re: “Nke ke ka o nea lefa la bo-ntate.” A ya paqama betheng ya hae, a shebile leboteng, a ikgurumetsa, a hana le ho ja.
Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”
Jonase a tswela kantle ho motse, a dula fatshe ka nqa botjhabela ho wona, a iketsetsa lephephe hona moo. A dula moriting wa lona, a lebella se tla hlahela motse.
Empa Modimo a botsa Jonase, a re: “Na ke hantle ha o kgenne ka baka la sefate see?” Jonase a mo araba, a re: “E, ke hantle, ebile ke kgenne hoo nka nnang ka shwa.”
“Arone o se a tla orosetswa setjhabeng sa habo, hobane a ke ke a fihla naheng eo ke e neileng bana ba Iseraele, kaha le ile la fetohela taelo ya ka ha le le metsing a Meriba.