Hona e ne e le ho tiisa matsatsi ana a Purime, ho ya kamoo Moredekai wa Mojuda le mofumahadi Esetere ba neng ba laetse kateng, le kamoo Bajuda ba neng ba itlamme kateng, ba ba ba tlama le ditloholo tsa bona tabeng ya ho itima dijo, le tabeng ya sello sa bona.
“Ka baka leo, wena itlame letheka, o eme, o bue le tjhaba seo, o se bolelle tsohle tseo ke o laelang tsona. O se ke wa tshaba ha o se bona, esere ka o tshosa o le kapela sona.
Empa Morena a re ho nna: “Se ke wa re: ‘Ke sa le ngwana,’ hobane o tla ya ho bohle bao ke tla o roma ho bona, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona.
Yaba Jonase o a tsamaya, o ya Ninife, jwalokaha Morena a ne a mo laetse. Ninife e ne e le motse wa setletlehadi; motho o ne a nka matsatsi a mararo ho tswela ka nqane ho wona.
Kamora tsena Jesu a mo fumana ka Tempeleng, mme a re ho yena: “Bona, o fodile; o se ke wa hlola o etsa sebe, esere mohlomong wa hlahelwa ke ho hobe ho feta.”