Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 1:17 - BIBELE

17 “Ka baka leo, wena itlame letheka, o eme, o bue le tjhaba seo, o se bolelle tsohle tseo ke o laelang tsona. O se ke wa tshaba ha o se bona, esere ka o tshosa o le kapela sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 1:17
26 Referencias Cruzadas  

Morena a matlafatsa Elia, a itlama letheka, a kgisa ka sekaja kapele ho Akabe, ho ya fihla Jesereele.


Lengeloi la Morena la re ho Elia: “Theoha le yena, o se ke wa mo tshaba.” Yaba Elia o a phahama, o theohela le molaodi eo ho kgosi.


Elisha a re ho Gehasi: “Itlame letheka, o nke molamu wa ka, o tsamaye. Ha o ka kopana le motho, o se ke wa mo dumedisa; haeba motho a ka o dumedisa, o se ke wa mo arabela. O fihle o bee molamu wa ka hodima sefahleho sa ngwana.”


Elisha, moporofeta wa Modimo, a bitsa e mong wa sehlopha sa baporofeta, a re ho yena: “Itlame letheka, o nke lenaka lena la ole, o ye Rama e Gileade.


Itlame letheka, o eme senna, ke o botse dipotso, wena o nkarabe.


Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”


O tla bua tsohle tseo ke o laelang tsona. Moholwane wa hao Arone o tla bolella Faro, hore a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya hae.


Bona, kajeno ke o etsa qhobosheane, tshiya ya tshepe le lerako la lethose, hore o eme senna kapela naha yohle, kapela dikgosi le kgosana tsa Juda, kapela baprista le baahi ba Juda.


Bahlorisi ba ka ba ke ba hlabiswe dihlong, nna ke se ke ka hlabiswa dihlong; etsa hore bona ba tshohe haholo, nna ke se ke be ka tshoswa ke letho. Ako ba tlisetse tsatsi la ditlokotsi, timetso ya bona o e phethahatse habedi.


Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena.


Yaba Jeremia o bua ho mahosana wohle le ho setjhaba sohle, o re: “Morena o nthomme hore ke porofetele Tempele ena le motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng.


“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.


Yaba Baruke, mora wa Neriya, o phetha tsohle tseo moporofeta Jeremia a mo laetseng tsona, a bala mantswe a Morena bukeng, a le ka Tempeleng ya Morena.


Wa atamela ho nna ha ke ipiletsa, wa re ho nna: “O se ke wa tshaba!”


“Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o phatlalletsa molaetsa oo ke o bolellang wona.”


“Matheka a lona a tlangwe, le mabone a lona a tuke.


Le a tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo kateng, ha ke ntse ke bolela, mme ke ruta kapele ho setjhaba le malapeng a lona,


hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.


Ha ke na tokelo ya ho ithorisa hobane feela ke bolela molaetsa o molemo; etswe ke tlameha ho etsa jwalo. Nka ba madimabe haeba ke sa phatlalatse molaetsa o molemo.


Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo.


Ka baka leo, itokisetseng ho sebeletsa, ka ho ba tjhatsi dikelellong, le be le boitshwaro, le ntse le tshepile ka ho tlala ho newa mohau, mohla Jesu Kreste a bonahatswang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos