Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 1:16 - BIBELE

16 Tjhaba seo sa ka ke tla se ahlola, ke se ahlolele bokgopo ba ho mphuralla, ba ho etsa mahlabelo, ho a etsetsa medimo esele, ho kgumamela medimo e entsweng ka matsoho a sona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ke tla bolela dikahlolo tsa ka hodima bolotsana bohle ba bona, hobane ba hlile ba ntlohoboha, ba ntse ba tjhesetsa medimo esele dibano, mme ba kgumamela mesebetsi ya matsoho a bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 1:16
44 Referencias Cruzadas  

Ke kahobane ba mphuraletse, ba tjhesetsa medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa.


Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.


A tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele; a etsa medimo ya bohata ya bo-Baale.


Ba mphuraletse, mme ba tjheseditse medimo e meng mokubetso, ba nkgalefisa ka mesebetsi yohle ya bona. Ka baka leo, kgalefo ya ka e tla tlokomela sebaka sena, mme e ke ke ya tingwa.’


“Empa haeba lona le ka nkwenehela, la furalla ditaelo tsa ka le melao ya ka, eo ke le beetseng yona, yaba le sebeletsa medimo e meng, la e kgumamela,


Naha ya sona e tletse medimo ya bohata, se kgumamela mesebetsi ya matsoho a sona, mesebetsi e bopilweng ke menwana ya sona.


di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng.


ke patsi eo motho a besang mollo ka yona; e nngwe ya yona o ikomosa ka yona, a bese mollo ho pheha bohobe. O betla le modingwana ka yona, a o kgumamele, a etse modimo wa bohata, a o obamele.


Ke tjhaba se mphephetsang kamehla ke se shebile, se etsetsang mahlabelo ka dirapeng, se tjhesetsang mokubetso hodima aletare ya ditene.


Ke mafeelafeelane, ke ntho tsa ho nyediswa, ha tsatsi la kahlolo ya yona le fihla e tla timela!


Meetlo ya baditjhaba ke ya lefeela, baditjhaba ba rema sefate morung, ebe sebetli ka selepe se a se betla.


Ba metse ya Juda le baahi ba Jerusalema ba tla ya ba ipiletse ho medimo ya bona, eo ba e tjhesetsang mekubetso, empa medimo eo e ke ke ya ba pholosa ho hang, ha koduwa e ba wela hodimo.


Morena wa mabotho, yena ya ileng a o etsa, o se a o lokiseditse koduwa, hobane ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba entse bobe ka ho tjhesetsa Baale mokubetso, mme ba mphephetsa hore ke halefe.


Ke furaletswe ke wena, wa nna tjhetjha ka santhao,” ho rialo Morena. “Ke tla o tshwara ka letsoho la ka ke o timetse, ke se ke kgathetse ke ho o hauhela.


Jwale wena o tle o re ho sona: ‘Ke hobane bo-ntata lona ba ile ba mphuralla,’ ho rialo Morena, ‘ba latela medimo esele, ba e sebeletsa, ba e kgumamela. Nna ba ile ba mphuralla, ba se ke ba boloka melao ya ka.


Oho, wena Morena, tshepo ya Iseraele, bohle ba o furallang ba tla tlontlollwa, bohle ba o furallang ba tla timela, hoba ba furaletse Morena, diba sa metsi a bophelo.


Empa tjhaba sa ka se ile sa ntebala, sa tjhesa mokubetso, sa o tjhesetsa medimo ya bohata; medimo ena e entse hore se be se kgoptjwe, se kgoptjwe ha se tsamaya tseleng tsa sona, ha se tsamaya tseleng tsa boholoholo; ya se hlahlathedisa tseleng tse kathoko, tse sa batallang, tse tletseng makukuno.


Ke hobane ba mphuraletse, ba silafaditse sebaka sena, ba tjhesetsa mokubetso ho sona, ba o tjhesetsa medimo esele, eo bona le bo-ntata bona, kapa dikgosi tsa Juda, ba sa kang ba e tseba, mme sebaka sena ba se tlatsa madi a se nang molato.


“Tjhaba sa ka se entse dibe di le pedi: Se furaletse nna, diba sa metsi a phoroselang, sa itjhekela diqanthana tseo e leng tsa sona, qanthana tseo metsi a ke keng a ema ka ho tsona.”


Na hase wena ya ipileditseng hoo ka ho furalla Morena, Modimo wa hao, nakong ya ha a ne a o tsamaisa tseleng?


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


“E kae jwale medimo ya lona, medimo ya maiketsetso? A e ke e tle haeba e tseba ho le pholosa nakong ena ya lona ya ditsietsi! Palo ya metse ya hao, wena Juda, e lekana le palo ya medimo ya hao.


e tla ba lehodiotswana, hobane o tswa ho nna, ke tla be ke ba phatlalletse le dikahlolo tsa bona.”


Kahoo lefatshe le tla ba le bofifi, mahodimo a hodimo le wona a fifale, hobane ke boletse, ke se ke rerile, nke ke ka fetoha kapa ka tjhetjha.”


Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


“Batho bohle ke dithoto, le tsebo ha ba na yona, malala wohle a kgauta a hlabiswa dihlong, a hlabiswa dihlong ke medingwana, medingwana ena ya wona ke ya leshano, medingwana ena ya wona ha e phefumolohe.


Na ha o bone seo setjhaba see se se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema?


Bana ba rwalla patsi, bo-ntata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama, ba etsetsa mofumahadi wa lehodimo maqebekwane. Ba etsetsa medimo e meng dinyehelo tsa dino, hore ba mphephetse ke tle ke utlwe bohloko.


Na le tla utswa, le bolaye, le febe, le hlapanye ka leshano, le tjhesetse Baale mokubetso, le kgumamele medimo esele, eo le sa e tsebeng;


Wa nka diaparo tsa hao tse homilweng, wa e apesa tsona, wa e nyehella ka ole ya ka le ka mokubetso wa ka.


“ ‘Ke nna Morena ya buileng. Nako ya hore ke nke bohato e fihlile, nke ke ka o utlwela bohloko, leha e le ho o hauhela. O tla ahlolwa ho ya ka boitshwaro ba hao le diketso tsa hao, ho rialo Morena.’ ”


Ha ke ntse ke pheeletse ho ba bitsa kgafetsa, ba nna ba suthella thoko ho nna; ba nyehella bo-Baale ka mahlabelo, ba tjhesetsa medingwana mokubetso.


Namane ena e ne e etswe naheng ya Iseraele, e entswe ke lelala, empa yona hase Modimo. Namane ya Samaria e tla thuakanngwa!


Morena o kgaruma a eteletse mabotho a hae pele, hoba mabotho a hae e hlile ke boiyane; ke dinatla, a phetha taelo ya hae. Letsatsi la Morena le leholo, le leholo le bile le a tshabeha! E be ke mang ya ka le mamellang?


Matsatsing ao ba bopa namane, ba tlisetsa setshwantsho seo sehlabelo, ba thabela mesebetsi ya matsoho a bona.


“Morena o tla o romela bomadimabe, le pherekano, le ho hloka katleho mesebetsing yohle eo o e etsang, ho fihlela o timela, o eshwa hanghang, ka baka la diketso tsa hao tse kgopo, tseo o mphuraletseng ka tsona.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, o se o tla ithoballa le bo-ntatao, empa setjhaba sena se tla hloka botshepehi ho nna, se kgelohe, se latele medimo e meng ya baditjhaba ba naha, seo se yang ho phela hara bona. Se tla mphuralla, se kwenehele selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


Haeba le ka furalla Morena, la sebeletsa medimo esele, o tla le fetohela, a le etse hampe, a le timetse, le hoja a kile a le etsa hantle.”


Ha e le batho ba sa kang ba bolawa ka dikotlo tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya bona; ba nnile ba tswela pele ho kgumamela bademona, ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa lejwe, le tsa lehong, tse ke keng tsa bona, kapa tsa utlwa, kapa tsa tsamaya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos