Jeremia 1:15 - BIBELE15 Ke kgatheng la ho mema ditjhaba, tjhaba tsohle tsa mebuso, mebuso e ka leboya,” ho rialo Morena. “Kgosi tsa bona di tla emisa terone tsa tsona, di di emise kapela dikgoro tsa Jerusalema; di tla di emisa ho potapota marako, di di emise metseng yohle ya Juda. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)15 Hobane bonang, ke a mema ditjhaba kaofela tsa mebuso ya leboya, ho bolela Jehova, hore di tle di bee se seng le se seng terone ya sona mabaleng a menyako ya Jerusalema, le pela marako a teng kaofela ka ho a kopela hare, le pela metse yohle ya Juda. Ver Capítulo |
ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.
“Ho teng le mahosana wohle a leboya, le Basidone bohle ba teng ba theohetseng mohohlong le ba bolailweng ka sabole. Le hoja ba ne ba tshajwa haholo, bonatla ba bona bo ba hlabisitse dihlong, ba shwele e ntse le maqai, ba rapaletse le ba bolailweng ka sabole, ba jere sekgobo sa bona le ba theohetseng mohohlong.
“Ke tla leleka lebotho le tswang leboya, ke le lelekele naheng e ommeng, naha ya matswatlare, sehlooho sa lona se lebe watleng le ka botjhabela, serao se lebe watleng le ka bophirima. Ditopo tsa lona di tla nkga, di nkge di re phu! Seputa sa tsona se etse sehou, hobane lebotho leo le entse tse kgolo.”