Haeba o rata ho futuha, futuha, o imatlafaletse ntwa. Modimo o tla etsa hore sera sa hao se o hlole, hobane Modimo o na le matla a ho thusetsa, le matla a hore motho a hlolwe.”
Joele 3:10 - BIBELE Kgobang mehoma ya lona, le etse disabole; leotsang disekele tsa lona, le etse marumo! Ya fokolang a ke a re: “Nna ke mohale!” Sesotho 1909/1961 (SO) Ka mehoma ya lona le tee disabole, ka disekele tsa lona le tee marumo! Ya fokolang a ke a re: Nna ke senatla! |
Haeba o rata ho futuha, futuha, o imatlafaletse ntwa. Modimo o tla etsa hore sera sa hao se o hlole, hobane Modimo o na le matla a ho thusetsa, le matla a hore motho a hlolwe.”
Morena o tla ahlolela ditjhaba, a fedise ho se utlwane hara tjhaba tse ngata; sabole tsa tsona di tla di etsa mehoma, marumo a tsona di a etse disekele, tjhaba di ke ke tsa hlola di nkelana disabole, di ke ke tsa hlola di itokisetsa dintwa.
“Tjhorisang metsu, le nke dithebe tsa lona, Morena o phepheditse kgosi tsa Bamede di halefile, sepheo sa hae ke ho timetsa Babilona. Bona ke bona boiphetetso, boiphetetso ba Morena, ke ho phetetsa le Tempele ya hae.
Morena o tla ahlola a ahlolele tjhaba tse ngata, a fedise ho se utlwane hara tse ngata, tse hole; sabole tsa tjhaba tseo di tla etsa mehoma, marumo a tsona di a etse disekele. Tjhaba di ke ke tsa hlola di nkelana disabole, di ke ke tsa hlola di itokisetsa dintwa.
Mohla tsatsi leo, Morena o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, e le hore ba fokolang haholo hara bona ba tle ba be jwaloka Davida, le ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Morena le ba etellang pele.
Yare ha Jesu a mmona, a mmitsa, a re ho yena: “Mosadi, o fodisitswe kgolofalong ya hao,”
A re ho bona: “Empa jwale, ya nang le sepatjhe a se nke, le wona mokotla ka mokgwa o jwalo. Ya hlokang sabole a rekise seaparo sa hae, a e reke.