Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 12:8 - BIBELE

8 Mohla tsatsi leo, Morena o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, e le hore ba fokolang haholo hara bona ba tle ba be jwaloka Davida, le ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Morena le ba etellang pele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka tsatsi leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, mme e leng ya kgoptjwang hara bona, tsatsing leo, o tla ba jwaloka Davida, ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Jehova kapele ho bona.

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 12:8
53 Referencias Cruzadas  

ebe motho e ne e le eng, hoo o ka mo hopolang? Ngwana motho e ne e le eng, hoo o ka mo hlokomelang?


Ke ile ka re: “Le medimo, lona bohle le bana ba Ya Hodimodimo;


Lengeloi la Modimo, le neng le tsamaya kapele ho mabotho a bana ba Iseraele, la tjhetjha, la ema kamorao ho bona. Le leru le lopaletseng la tloha kapele ho bona, la ema kamorao ho bona.


Ke tla romela lengeloi ho o etella pele, mme ke tla leleka Bakanana, le Baamore, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse.


Ngwedi e tla lekana le lesedi la letsatsi, lesedi la letsatsi lona le lekane le lesedi la matsatsi a supileng. Tsena di tla etsahala ka letsatsi leo ka lona Morena a tlamellang maqeba a setjhaba sa hae, a fodisang le matetetso a sona.


Morena o bua tjena ho nna: “Ha tau le tawana di puruma hodima sefifi, leha sekgakgatha sa badisana se ka di futuhela, di ke ke tsa tshoswa ke mehoo ya bona, di ke ke tsa nyaroswa ke lerata la bona. Le Morena wa mabotho o tla theoha jwalo, ho tla lwanela Thabeng ya Sione le leralleng la yona.


Ha ho moahi wa Sione ya tla re: “Ke a kula!” Dibe tsa baahi ba moo di tla tshwarelwa.


Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”


O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.


matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.


Ba le porofetela leshano, hore le tle le iswe hole le naha ya lona, nna ke tle ke le leleke, ebe le a timela.


Empa ke tla hauhela ba ntlo ya Juda, nna Morena Modimo wa bona, ke ba pholose. Ha nka ke ka ba pholosa ka seqha kapa sabole, kapa ka ntwa kapa dipere kapa bapalami.”


Ka popelong o ne a tshwere ngwanabo serethe, ha e se e le monna a kolokotjhana le Modimo.


Kamora moo bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Morena Modimo wa bona, le Davida, kgosi ya bona. Qetellong ba tla kgutlela ho Morena ba ntse ba tlakasela, mme ba amohele mahlohonolo a hae.


Kgobang mehoma ya lona, le etse disabole; leotsang disekele tsa lona, le etse marumo! Ya fokolang a ke a re: “Nna ke mohale!”


Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ba lona ba lelekise ba kete di leshome, mme le bolaye dira tsa lona ka sabole.


Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba, a be teng hara merabe e mengata, a be jwaloka tau hara dibatana tsa meru, a be jwaloka tawana hara mehlape ya dinku, tawana e fetang e harola, e tsekolla, empa ho se ya ka pholoswang, ya ka pholoswang tleneng tsa yona.


Ditjhaba di tla bona, di hlajwe ke dihlong, le hoja di le matla; ditjhaba di tla makala, di be di hlollwe, le tsebe tsa tsona di be di thibane.


Wena sera sa ka, o se ke wa nyakalla ka nna! Leha nka wa ke tla boela ke tsohe; leha nka dula lefifing Morena o tla mponesetsa.


Ba Efraime e tla ba dinatla tsa batho, pelo tsa bona di nyakalle ke thabo, di nyakalle, e ke ba nwele veine. Bana ba bona ba tla bona, ba be ba thabe, pelo tsa bona di nyakallele Morena.


Nna ka sebele ke tla e kopela kamahohle, ke be lerako la mollo,’ ho rialo Morena, ‘ke be tlotla kahara yona.’


Ke moo Morena a tla hlaha, a ba okamele, motsu wa hae o tsekeme sa lehadima. Morena Modimo o tla letsa lenaka, a tsamaye kahara difefo tsa borwa.


Ke tla lalla pela ntlo ya ka, ke lalle pela yona ke e lebele, mabotho a e futuhelang ke a thibele. Tjhaba sa ka ha se sa tla hlolwa ke motlatlapi, hobane jwale se lebetswe ke nna ka sebele.


“Bona, ke tla romela leqosa la ka ho ntokisetsa tsela. Morena eo le mmatlang o tla kena ka Tempeleng ya hae a sa lebellwa. Moromuwa eo le mo lebeletseng o a tla, a phatlalatse selekane sa ka,” ho rialo Morena wa mabotho.


“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.


Ke ditloholo tsa baholoholo, ke bao Kreste a tswileng ho bona ka tswalo, yena eo e leng Modimo, ya renang hodima tsohle, ya bokwang ka ho sa feleng. A ho be jwalo!


Ha ho pelaelo, sephiri sa tumelo ya rona se seholo: “Kreste o ile a hlaha e le motho, a pakwa ke Moya hore o lokile, mme a bonwa ke mangeloi. A phatlalatswa hara baditjhaba, a dumelwa ke lefatshe lohle, mme a nkelwa tlotleng.”


ba tima mollo o bohale, ba phonyoha ho bolawa ka sabole. Ba ne ba fokola, empa ba boela ba matlafala, ba fetoha dinatla ntweng, ba qhala dimphi tsa baditjhaba.


Monna a le mong wa lona o lelekile batho ba sekete, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng, jwalokaha a ne a le tshepise.


Ke nna Alfa le Omega, Wa Pele le Wa ho Qetela, Qalo le Qetello.


“Nna Jesu, ke le rometse lengeloi la ka ho tla paka tsena dikerekeng. Nna ke lehlomela le setloholo sa Davida; ke naledi ya meso e kganyang.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos