Empa sethoto se ke ke be sa hlalefa, jwalokaha petsana tonki, e ke ke ya ba ya tswalwa e le motho.
Jeremia 8:8 - BIBELE “ ‘Le ka bua jwang, la re: “Re hlalefile, hoba Molao wa Morena re a o tseba?” Bonang, Ditsebi tsa Molao di o sokamisitse, pene tsa tsona di o fetotse leshano. Sesotho 1909/1961 (SO) Le ka bolela jwang, la re: Re ba bohlale, re na le molao wa Jehova? Kannete, pene ya bohata ya bangodi e o entse leshano. |
Empa sethoto se ke ke be sa hlalefa, jwalokaha petsana tonki, e ke ke ya ba ya tswalwa e le motho.
O tsebisa ba leloko la Jakobo, o ba tsebisa lentswe la hae, le thato le kahlolo tsa hae ho Iseraele.
Ditloholwana ke mofapahlooho, mofapahlooho a boraputswe, bana ba ithaba ka batswadi ba bona.
Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”
“ ‘Sebakeng sena ke tla nyopisa merero ya Juda le ya Jerusalema. Ke tla etsa hore ba bolawe ka sabole ke dira tsa bona, ba bolawe ke matsoho a ba batlang ho ba bolaya. Ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa matlaka, le dijo tsa dibatana tsa naha.
Baprista ha ba a ka ba re: ‘O kae Morena?’ Ditsebi tsa Molao ha di a hlola di sa ntseba, babusi ba setjhaba le bona ba mphetohela; baporofeta ba porofeta ka lebitso la Baale, ba latela medimo e ke ke ya ba thusa.”
“Tjhaba sa ka se thotofetse, ha se sa ntseba, ke tseketseke tsa bana, ha se na kutlwisiso; ho etsa bokgopo se ho hlalefetse, ho etsa botle hona ha se ho tsebe.”
“Le ka ipolela jwang, la re ‘Rona re bahlabani, rona re dinatla tsa dikwakwariri ntweng?’
ha ho sa hlokahala hore a hlomphe ntatae. Ka baka la moetlo wa lona he, le fetotse taelo ya Modimo lefeela.
Jesu a re ho bona: “Ha le ne le foufetse, le ka be le se na sebe, empa jwale le re: ‘Re a bona;’ ka hona sebe sa lona ha se hlakolwe.”