Bona ke boporofeta malebana le Moabe: Ka bosiu bo le bong Are e Moabe e timeditswe! Ka bosiu bo le bong Kire e Moabe e timeditswe!
Jeremia 48:2 - BIBELE Moabe ha e sa tla hlola e roriswa, ba Heshebone ba e reretse ho e timetsa, ba re: ‘Tloong re fedise botjhaba ba yona.’ Le lona baahi ba Madamene le tla timetswa, sabole le yona e le phaladise. Sesotho 1909/1961 (SO) Kganya ya Moabe e se e le siyo; Heshbone, ba hopotse bobe bakeng sa hae, ho thwe: Tloong, re mo fediseng, e se ke ya hlola e eba setjhaba; le wena Madmene, o ya bolawa, lerumo le tla o sala morao. |
Bona ke boporofeta malebana le Moabe: Ka bosiu bo le bong Are e Moabe e timeditswe! Ka bosiu bo le bong Kire e Moabe e timeditswe!
Pelo ya ka e llela ba Moabe, baphaphathehi ba bona ba balehetse Soware, ba baleha ho ya fihla Egelate-Sheleshiya, ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela Lohite ba ntse ba lla, ba llela timelo ya bona ba le tseleng e yang Horanaime.
Empa jwale Morena o re: “Ho eso fete dilemo tse tharo, ho ya kamoo mohlanka a di balang kateng, botlotlehi ba Moabe le ba setjhaba sa hae se sengata, bo tla nyediswa, masalla a be mmalwana, a fokole.”
Morena o tla sireletsa thaba ena, Bamoabe bona a ba hatakele, a ba hatakele sa mmoko o hatakellwa moraheng.
“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho nna, o re: ‘Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se ka letsohong la ka, mme o etse hore ditjhaba tsohle tseo ke o romang ho tsona di se nwe.
Yaba ke nka senwelo se ka letsohong la Morena, ke se nwesa ditjhaba tsohle tseo Morena a nthommeng ho tsona,
“Haeba melao ena e ka fediswa,” ho rialo Morena, “mahlong a ka ditloholo tsa Iseraele, ha e ka ke ya hlola e eba setjhaba!”
“Na ha o eso lemohe seo batho baa ba se buileng, ba re: ‘Morena o boetse o lahlile malapa a mabedi ao a neng a a kgethile e leng Iseraele le Juda?’ Ka baka leo, ba nyedisitse setjhaba sa ka, hore ba se hlole ba se tadima e le setjhaba.
Wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena,” ho rialo Morena. “Ditjhaba tsohle ke tla di timetsa, ditjhaba tseo ke o leleketseng hara tsona, empa wena ha o ka ke wa timella ruri; ke tla o ahlola, feela e le ka toka, nke ke ka o tlohela o sa ahlolwa ho hang.”
Lona ba ahisaneng le Moabe e lleleng, lona bohle ba tsebang botumo ba yona, le re: ‘Lere la puso le la matla le robehile, molamu o tlotlehang o robehile!’
“Baphaphathehi ba eme moriting wa Heshebone, ba eme teng ba qetilwe ke mokgathala, hobane mollo o hoteditswe wa hotetswa ka Heshebone, malakabe a laima a etswa tlung ya Sihone, a laima a tjhesa lehae la Bamoabe, a fedisa tlotla ya baikgantshi.
“Bokolla, wena Heshebone, hobane Ai e timeditswe! Howeletsang lona baahi ba Raba! Aparang tse mahwashe, le hlomohe! Tjhalakang, le ye hohle kahara marako, hobane Milekome, modingwana bona, o tla thopuwa, a thopuwe le baprista le mahosana a hae.
Baelame ke tla ba qhemetsa, ke ba qhemetse mahlong a dira tsa bona, mahlong a ba batlang ho ba bolaya; ke tla dihela koduwa hodima bona, ke ba dihele kgalefo ya ka, kgalefo e tlokomang,” ho rialo Morena. “Ke tla romela mara a ba phaladise, a ba phaladise ka sabole, a ba timetse.