Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 48:45 - BIBELE

45 “Baphaphathehi ba eme moriting wa Heshebone, ba eme teng ba qetilwe ke mokgathala, hobane mollo o hoteditswe wa hotetswa ka Heshebone, malakabe a laima a etswa tlung ya Sihone, a laima a tjhesa lehae la Bamoabe, a fedisa tlotla ya baikgantshi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Babalehi ba eme moriting wa Heshbone ba kgathetse, empa mollo o tswile Heshbone, kgabo e tswile hara Sihone, mme e ja mahlakore a Moabe le dihlooho tsa hae ka moferefere.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 48:45
12 Referencias Cruzadas  

Sihone, kgosi ya Baamore, le Oge, kgosi ya Bashane, le mebuso yohle ya Kanana.


Mollo wa timetsa bahlankana ba bona, barwetsana ba se ke ba binelwa, ba binelwa pina tsa lenyalo.


Banna ba Nofe le ba Tahepanehese, le bona ba se ba mmeotse lekorana.


Moabe ha e sa tla hlola e roriswa, ba Heshebone ba e reretse ho e timetsa, ba re: ‘Tloong re fedise botjhaba ba yona.’ Le lona baahi ba Madamene le tla timetswa, sabole le yona e le phaladise.


Naha ya Moabe ke tla e tjhesa, matlo a dikwele tsa Keriote ke a timetse. Moabe e tla timela ho le morusu, ho le mokorotlo, ho lla lenaka.


Lejwe la mantla le tla tswa ho Juda, thakgisa ya tente e tswe ho yena, seqha sa ntwa le sona se tswe ho yena, le babusi bohle ba tla tswa ho yena.


Jwale Baiseraele ba romela maqosa ho Sihone, kgosi ya Baamore, hore a re:


Heshebone e ne e le motsemoholo wa Sihone, kgosi ya Baamore. Ke yena Sihone ya neng a lwantshe kgosi ya pele ya Moabe, a hapa naha yohle ya kgosi eo ho ya fihla Arenone.


“Mollo o qhomme Heshebone, kgabo ya tlola motseng wa Sihone, ya metsa Are-Moabe, le marena a dihlaba tsa Arenone.


O madimabe hakaakang, wena Moabe! Le timetse lona, tjhaba sa Kemoshe! O tlohetse bara ba hae ho ba baphaphathehi, baradi ba hae ho ba batshwaruwa, batshwaruwa ba Sihone, kgosi ya Baamore.


“Ke a mmona, empa e seng hona jwale, ke a mmoha, empa a se haufi le nna: Ho tla ropoha naledi e etswa ho Jakobo, ho phahame lere la puso le etswa ho Iseraele; le tla hlathaka bohle ba Moabe, le ripitle bana bohle ba Shete.


Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos