Ba kgutletse dibeng tsa bo-ntata bona moholo, ba neng ba hane ho mamela dipolelo tsa ka. Ba latetse medimo esele, ba e sebeletsa. Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba sentse selekane seo ke neng ke se etse le bo-ntata bona.”
Jeremia 3:11 - BIBELE Jwale Morena a re ho nna: “Iseraele wa mokwenehi o iponahaditse a lokile ho feta Juda ya hlokang botshepehi. Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova a re ho nna: Iseraele mokwenehi yena o lokile ho fetisa Juda ya sa tshepehang. |
Ba kgutletse dibeng tsa bo-ntata bona moholo, ba neng ba hane ho mamela dipolelo tsa ka. Ba latetse medimo esele, ba e sebeletsa. Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ba sentse selekane seo ke neng ke se etse le bo-ntata bona.”
“Kgutlang lona bana ba bakwenehi! Bokwenehi boo ba lona ke tla bo phekola!” “Bona, ke rona bana, re tla ho wena, hobane o Morena, Modimo wa rona.
Yare hoba a etse tsena tsohle ka re: ‘O tla kgutlela ho nna!’ Empa ha a a ka a kgutla. Jwale kgaitsedi ya hae Juda, ya hlokang botshepehi, le yena a bona tsena.
Iseraele ya hlokang botshepehi ka mo hlala, ka ba ka mo nea lengolo la tlhalo, ka baka la tsohle tsa bokwenehi ba hae, le tsa bohlola boo a bo entseng, empa Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a tshaba, yaba le yena o etsa bootswa.
Empa wena ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya bona, leha e le ho etsa diketso tsa bona tse manyala; feela e ne eka ke ntho e nyenyane ho wena ha mekgwa ya hao yohle e bodile ho feta ya bona.
“Leha ngwanabo, Oholeba, a bona hona, ditakatso tsa hae tsa tloka ho feta tsa Ohola, le bootswa ba hae ba fetella.
Tjhaba sa ka se itheretse ho mphuralla; leha se ka ipiletsa ho Ya Hodimodimo, ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape.
Baiseraele ba manganga sa kgomo ya sethole, na ebe Morena a ka ba alosa, a ba katla sa dikonyana phuleng?