Feela le tsebe hore haeba le ka fela la mpolaya, lona, le baahi ba motse ona, le tla ba molato wa ho tsholla madi a se nang molato, hobane ruri Morena o nthomme ho lona, hore ke tlo bua mantswe ana wohle moo le ntseng le utlwa.”
Jeremia 26:12 - BIBELE Yaba Jeremia o bua ho mahosana wohle le ho setjhaba sohle, o re: “Morena o nthomme hore ke porofetele Tempele ena le motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jeremia o bolella baholo bohle le setjhaba kaofela, a re: Ke Jehova ya nthomileng ho porofeta bakeng sa ntlo ena le sa motse ona mantswe wohle ao le a utlwileng. |
Feela le tsebe hore haeba le ka fela la mpolaya, lona, le baahi ba motse ona, le tla ba molato wa ho tsholla madi a se nang molato, hobane ruri Morena o nthomme ho lona, hore ke tlo bua mantswe ana wohle moo le ntseng le utlwa.”
“Morena o bua tjena: Ema lebaleng la Tempele ya Morena, o bue ho bohle ba metse ya Juda, ba tlang ho tla rapella ka Tempeleng ya Morena. Ba bolelle mantswe wohle ao ke o laelang hore o ba bolelle wona, mme o se ke wa siya lentswe leha le le leng feela.
E tle ere ha ba o botsa, ba re: ‘O fehellwang?’ wena o tle o ba arabe, o re: ‘Ke ka baka la ditaba tse tlang. Dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole, sebete sohle se fele, le mangwele wohle a otlane ke letswalo.’ Taba tsena di a tla! Di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.”
Jwale tau e se e purumile; ya ke keng a tshoha ke mang? Morena Modimo o se a buile; ya ke keng a porofeta ke mang.
Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.
Yaba Petrose le baapostola ba a araba, ba re: “Eka kgona ho mamelwe Modimo ho ena le batho.