Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 26:11 - BIBELE

11 Jwale baprista le baporofeta ba bua ho mahosana le ho setjhaba sohle, ba re: “Motho enwa o tlameha ho ahlolelwa lefu, hobane o porofetetse motse ona timelo, jwalokaha le ikutlwetse ka ditsebe tsa lona!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Baprista le baporofeta ba bolella baholo le setjhaba kaofela, ba re: Motho eo o loketswe ke lefu, hobane o porofetile bakeng sa motse ona kamoo le utlwileng kateng ka ditsebe tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 26:11
13 Referencias Cruzadas  

Wena Morena, o tseba merero ya bona yohle, merero ya bona ya ho mpolaya. Se ka ba tshwarela bokgopo ba bona, kapa wa tlosa sebe sa bona mahlong a hao; a ba ke ba ketolwe kapele ho wena, o ba otle nakong ena eo o ba halefetseng ka yona.


Yaba mahosana, mmoho le setjhaba sohle, a re ho baprista le ho baporofeta: “Motho enwa ha a lokele ho ahlolelwa lefu, hobane o buile ho rona ka lebitso la Morena Modimo wa rona!”


Ka baka leo, mahosana a re ho kgosi: “Re kopa hore monna enwa a bolawe, hobane o nyahamisa dipelo tsa bahlabani ba setseng motseng ona, le dipelo tsa setjhaba ka ho bua dipuo tse kang tsena. Monna enwa ha a lakaletse setjhaba sena boiketlo, o se lakaletsa bobe.”


Le reng?” Ba mo araba, ba re: “O tshwanelwa ke lefu.”


Ba araba, ba re ho yena: “Hojane monna enwa o ne a sa etsa bobe, re ka be re sa mo tlisa ho wena.”


Bajuda ba mo araba, ba re: “Re na le molao, mme ho ya ka molao eka kgona a shwe, kahobane o ikentse Mora wa Modimo.”


Ba mo mamela ho fihlela a bolela polelo ena, ba nto howa, ba re: “Tlosang motho ya tjena lefatsheng, hobane ha a lokele ho phela.”


Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.’


Banna ba motse ba re ho Jowashe: “Ntsha mora wa hao a tlo bolawa, hobane o heleditse aletare ya Baale, hape o sentse le ditshwantsho tsa Ashera.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos