Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 26:10 - BIBELE

10 Ha mahosana a Juda a utlwa tsena, a nyoloha tlung ya kgosi, a ya Tempeleng ya Morena, a fihla a dula lebaleng la Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Baholo ba Juda ha ba utlwa taba tseo, ba tswa tlung ya morena, ba nyolohela tlung ya Jehova, ba dula lebaleng la monyako o motjha wa Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 26:10
15 Referencias Cruzadas  

Feela ha a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng. Ke yena ya ileng a haha kgoro ya Tempele, e bitswang Kgoro ya Leboya.


Jotame a haha Monyako o Kahodimo wa Tempele ya Morena; le lerako la Ofele a le sebetsa haholo.


a re moporofeta Jeremia a shapuwe, a tlamellwe pakeng tsa dikoqo tse neng di le Monyakong wa Benjamine o kahodimo, pela Tempele ya Morena.


Ha bo-kgosi Jehoyakime le bahale bohle ba hae, le mahosana wohle a hae, ba utlwa mantswe a Uriya, kgosi Jehoyakime a batla ho mmolaya, empa yare ha Uriya a utlwela a tshoha, yaba o balehela Egepeta.


Leha ho le jwalo Ahikama, mora wa Shafane, a buella Jeremia hore a se ke a neelwa setjhaba hore se mmolaye.


Ha mahosana wohle le batho bohle ba neng ba entse selekane, ba utlwa hore motho ka mong eka kgona a lokolle lekgoba la hae le lekgabunyane la hae, hore a se hlole a ba sebeletsa, ba a lokolla.


Ba ileng ba feta pakeng tsa mekgekgetho ya namane, ke mahosana a Juda le mahosana a Jerusalema, le matona, le baprista, le setjhaba sohle sa naha ena.


Yaba Baruke o bala mantswe a Jeremia bukeng eo, yena a le ka Tempeleng ya Morena, ka kamoreng ya Gemariya, mora wa Shafane, eo e neng e le mongodi wa puso. Kamore ena e ne e le lebaleng le kahodimo, kgorong ya Monyako o Motjha wa Tempele ya Morena. A a bala moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa.


Elenathane le Delaya le Gemariya ba ne ba ile ba rapela kgosi hore e se ke ya tjhesa buka, empa kgosi ya se ke ya ba mamela.


Mahosana a bona a jwaloka diphiri tse harolang diphoofolo tseo di di bolaileng. A tsholla madi, a bolaya batho hore a tle a ithuise ka mano.


“ ‘Bona kamoo e mong le e mong wa mahosana a Iseraele, ao e leng baahi ba hao, a sebedisang matla a hae ho tsholla madi kateng!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos