La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 24:9 - BIBELE

‘Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, dibakeng tsohle tseo ke tla ba lelekela ho tsona ba nyediswe, e be setsoto, ba songwe, ba rohakwe.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke tla ba neela ho tsukutlwa le ho tshwenyeha mebusong yohle ya lefatshe, e tle e be nyediso, le pontsho, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng.

Ver Capítulo



Jeremia 24:9
29 Referencias Cruzadas  

ke tla falatsa Baiseraele naheng eo ke ba neileng yona. Ntlo ena, eo ke e halaleditseng ho tlotla lebitso la ka, ke tla e furalla, mme Baiseraele e tla ba sesomo le pale hara ditjhaba tsohle.


ke tla falatsa Baiseraele naheng ena ya ka, eo ke ba neileng yona. Tempele ena, eo ke e ikgalaleditseng yona, ke tla e furalla, mme e tla ba pale le sesomo hara ditjhaba tsohle.


Ha ke itlhokofatsa ka ho itima dijo, hona e ba hoo ke ho nyefolelwang.


kahoo ke tla tlontlolla baokamedi ba tempele ya hao, Jakobo yena ke mo abele timelo, Iseraele yena a nyedisehe.”


Le tla siela bakgethwa ba ka bitso la lona, bona ba tla le sebedisa ha ba etsa thohako; lona, Morena Modimo o tla le bolaya, bahlanka ba hae a ba bitse ka lebitso lesele.


Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e thothomele ke tshabo ka baka la seo Manase, mora wa Hesekiya, kgosi ya Juda, a neng a se etse Jerusalema.


Metse ena ke tla e senya e be sebonwang-se-bonwake-bohle; bo-mofeta-ka-tsela ba tla makala, ba thukuthe dihlooho ka baka la koduwa eo.


e leng tse Jerusalema le metseng ya Juda le dikgosi tsa yona, le mahosana a yona, hore di tle di fetohe nanaola, setsoto, sekgobo le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;


nna ke tla etsa hore Tempele ena e tshwane le Shilo, motse ona o rohakehe mahlong a ditjhaba tsohle tsa lefatshe.’ ”


Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ke etse hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, hore ba tle ba rohakwe, e be setsoto, le sekgobo, ba nyediswe ditjhabeng tseo ke ba leleketseng ho tsona.


Bathopuwa bohle ba tswang naheng ya Juda, ba isitsweng Babilona, ha ba rohaka motho, ba tla re: Morena a ke a le etse seo a neng a se etse Sedekiya le Akabe, bao kgosi ya Babilona e neng e ba tjhese ka molla,


“Ka baka leo, Morena o bua tjena: Ha le a ka la mamela ha ke re motho ka mong a lokolle ngwanabo le ya ahelaneng le yena, ho rialo Morena. Bonang mona he, le lona ke le phatlalletsa tokoloho, e leng tokoloho ya ho bolawa ka sabole, ya ho bolawa ke lefu la sewa, le ya ho bolawa ke sekoboto. Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e le nyonye.


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’


Ke tla nka Bajuda ba masalla, ba ngangeletseng ho ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng. Kaofela ha bona ba tla timetswa, ba shwele naheng ya Egepeta. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto; ba tla shwa bohle ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba bolawe ka sabole, ba bolawe ke sekoboto. Ba tla nyediswa, e be sesomo, ba rohakehe, ba nyefolwe.


Ba ahileng Egepeta ke tla ba otla ka sabole le ka sekoboto le ka lefu la sewa, jwalokaha ke ile ka otla Jerusalema.


Eitse ha Morena a se a sitwa ho mamella diketso tsa lona tse kgopo le manyala ao le a entseng, yaba naha ya lona e fetoha nanaola le sesomo, ya rohakeha, ya hloka baahi jwalokaha ho le jwalo kajeno.


“Morena Modimo o bua tjena: Ba bitsetse letshwele le tlo ba tshosa, le be le ba falatse.


Ere ho bona: ‘Mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le ile la tsheha ha Sehalalelo sa ka se silafatswa, le ha naha ya Iseraele e ripitlwa, le ha ba ntlo ya Juda ba iswa bothopuweng;


“Wena ngwana motho, ha Tire e bua ka Jerusalema e ile ya tsheha, ya re: ‘Jerusalema e ripitlilwe, kgwebo ya yona e fedile, jwale ke tla atleha ha e le mona e fetohile lesupi!’


Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Bona, Jerusalema, le nna ke a o lwantsha, mme ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao moo ditjhaba tsena di ntseng di bona.


“Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.


Hara ditjhaba tsohle, tseo Morena a tla o isa ho tsona, o tla ba setsoto, o be pale, o be mohlolo.”