Jeremia 42:18 - BIBELE18 “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’ Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)18 Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Jwalokaha nkile ka tshollela bohale ba ka le kgalefo ya ka hodima baahi ba Jerusalema, ke tla tshollela kgalefo ya ka hodima lona, ha le ka ya Egepeta; le tla etswa nyefolo, le makatso, le thohako, le nyediso, mme le ke ke la boela la bona nqalo ena. Ver Capítulo |
ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.
Ke tla nka Bajuda ba masalla, ba ngangeletseng ho ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng. Kaofela ha bona ba tla timetswa, ba shwele naheng ya Egepeta. Ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto; ba tla shwa bohle ho tloha ho ya eisehang ho isa ho ya hlomphehang, ba bolawe ka sabole, ba bolawe ke sekoboto. Ba tla nyediswa, e be sesomo, ba rohakehe, ba nyefolwe.
Kgosana e tla etsa selekane, e se etse le ba bangata, selekane seo e be sa dilemo di supile; bohareng ba nako ena ya selekane, e tla fedisa mahlabelo, e fedise le dinyehelo. Kgosana ena e bakileng nanaola e tla bea Manyala hodima tlhoro ya Tempele, ho fihlela pheletso e rerilweng ke Modimo e fihla, e wela hodima ya beileng Manyala, a a bea hodima tlhoro.”