Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 42:17 - BIBELE

17 Ho tla fela ho be jwalo ho bohle ba ikemiseditseng ho ya phela Egepeta; ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa; ha ho le ya mong wa bona ya tla phela, kapa a pheme koduwa eo ke tla e dihela hodima bona.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Batho kaofela ba ka phehellang ho ya Egepeta le ho aha teng, ba tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; ha ho ka ke ha eba ya tlolang wa bona, leha e le ya phonyohang pela bobe boo ke tla ba hlahisetsa jona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 42:17
7 Referencias Cruzadas  

Ke tla ba bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ba fedile lefatsheng leo ke neng ke ba nee lona le bo-ntata bona.’ ”


“Morena o bua tjena: ‘Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, a bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa. Empa ya tla ineela ho Bakalatiya yena o tla phela; bophelo ba hae e tla ba wona moputso wa hae, mme o tla phela.’


lona he, masalla a Juda, utlwang lentswe la Morena. Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Haeba le fela le ikemiseditse ho ya Egepeta ho ya jaka teng,


Ka baka leo, tsebang hore ruri le tla bolawa ka sabole, le bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa, hona naheng eo le reng le ya jaka ho yona.”


Empa ba mmalwana, ba tlang ho phonyoha, ba tla tswa naheng ya Egepeta, ba kgutlele naheng ya Juda, mme masalla a Juda, a ileng a ya naheng ya Egepeta ho ya jaka teng, a tla tseba hore na ha e le lentswe la ka kapa lentswe la bona, ke lefe leo e leng nnete.


Le tshaba ho bolawa ka sabole, empa le tla bolawa ka sabole, ho rialo Morena Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios