Jeremia 44:13 - BIBELE13 Ba ahileng Egepeta ke tla ba otla ka sabole le ka sekoboto le ka lefu la sewa, jwalokaha ke ile ka otla Jerusalema. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)13 Ke tla otla ba ahileng lefatsheng la Egepeta, jwalokaha nkile ka otla Jerusalema ka lerumo, ka tlala, le ka lefu la sewa. Ver Capítulo |
“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Jwalokaha bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa theolelwa hodima baahi ba Jerusalema, ka mokgwa o jwalo kgalefo ya ka e tla theolelwa hodima lona ha le kena Egepeta. Le tla nyediswa, le be sesomo, le rohakwe, le nyefolwe, mme le ke ke la hlola le bona sebaka sena hape.’