Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse.
Jeremia 2:12 - BIBELE Lona mahodimo tsotang, le makalle sena, le thothomele, le tshabe haholo,” ho rialo Morena. Sesotho 1909/1961 (SO) Lona mahodimo, hlong le makale ka taba eo, le thothomele, le omelle hampe: ho bolela Jehova! |
Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse.
Tsherehanang le thotofale! Iphoufatseng le sitwe ho bona! Tahwang empa le sa nwa veine! Ratseelang empa le sa nwa jwala!
Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Lona botsisisang hara baditjhaba: Ya kileng a utlwa tse kang tsee ke mang? Morwetsana wa Iseraele o entse ntho e tshabehang haholo!
Ka tadima lefatshe, mme ka le bona le se na sebopeho, le se na letho; le mahodimo ha ke a tadima, ka fumana le wona a se na leredi.
Wena lefatshe mamela! Tjhaba sena ke se tlisetsa koduwa, e leng tholwana ya merero ya sona, hoba ha se a mamela mantswe a ka, le molao wa ka se o lahlile.
Lona dithaba, mamelang qoso ya Morena; lona metheo ya lefatshe, sekehang tsebe. Lona metheo e tiileng sekehang tsebe. Morena o qosa setjhaba sa hae, Morena o tsekisana le Baiseraele.
Ho tloha ka hora ya leshome le metso e mmedi lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro.
“Sekehang tsebe, lona mahodimo, mme ke tla bua; lefatshe le ke le utlwe polelo tsa molomo wa ka.