Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.
Jeremia 16:2 - BIBELE “O se ke wa nyala mosadi kapa wa ba le bara le baradi sebakeng sena. Sesotho 1909/1961 (SO) O se ke wa nyala mosadi, o se ke wa ba le bara le baradi nqalong ena. |
Lota a tswa, a ya bua le bakgwenyana ba hae, ba nkileng baradi ba hae, a re: “Tsohang, le tswe motseng ona, hobane Morena o lekgatheng la ho o timetsa!” Empa bakgwenyana ba bona eka o a swaswa.
Morena o bua tjena, ka bara le baradi ba tswaletsweng naheng ena, le ka basadi bao e leng bo-mma bona, le ka banna bao e leng bo-ntata bona:
Inyalleng basadi, le itswalle bara le baradi; nyadisang bara ba lona, le baradi ba lona ba inyallwe, ba tle ba itswalle bara le baradi, e le hore le anafale, palo ya lona e se ke ya fokotseha.
O bitsitse dira tsa ka ka nqa tsohle, wa di bitsa eka o di bitsetsa moketeng. Ka tsatsi leo o no halefile ka lona, Morena, ha ho le ya mong ya kila phonyoha, ha ho le ya mong ya kila sala! Bao ke ba otlileng, ka ba hodisa, bohle ba timeditswe ke sera sa ka!”
Matsatsing ao ho tla ba madimabe baimana le batswetse. Tlokotsi e tla ba kgolo lefatsheng, le kgalefo ya Modimo setjhabeng sena.
hobane bonang, matsatsi a ya tla, ao ka wona ho tla thwe: ‘Ho lehlohonolo dinyopa, le popelo tse sa kang tsa tswala, le matswele a sa kang a anyesa.’