Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 21:23 - BIBELE

23 Matsatsing ao ho tla ba madimabe baimana le batswetse. Tlokotsi e tla ba kgolo lefatsheng, le kgalefo ya Modimo setjhabeng sena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Empa ho tla ba madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo, hobane tsietsi e tla ba kgolo lefatsheng, mme bohale bo tla wela setjhaba sena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Empa ho madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo! hobane ho tla ba le mahlomola a maholo lefatsheng, le kgalefo hodima setjhaba sena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Empa ho madimabe baimana le ba anyesang mehleng eo! hobane ho tla ba le mahlomola a maholo lefatsheng, le kgalefo hodima setjhaba sena.

Ver Capítulo Copiar




Luka 21:23
18 Referencias Cruzadas  

Basadi ba nang le motlopotlo wa ho tswala, ka matsoho a bona ba apeha bana ba bona; ba ba apeha, ya eba dijo tsa bona, nakong ya ha tjhaba sa heso se timetswa.


Yaba o re: “Ke tla o bolella tse tla etsahala mohla kgalefo e felang, hobane di amana le mehla ya bofelo.


Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: ‘O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea?’ ”


Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”


Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.”


Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao!


Ho tla ba madimabe baimana le batswetse ba matsatsi ao!


Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”


O tla fihlelwa ke matsatsi, ao ka wona dira tsa hao di tla o etsetsa thibella, di o teele hare, di o patise kahohle,


hobane bonang, matsatsi a ya tla, ao ka wona ho tla thwe: ‘Ho lehlohonolo dinyopa, le popelo tse sa kang tsa tswala, le matswele a sa kang a anyesa.’


Ka baka la ditsietsi tsa matsatsi ana, ke lekanya hore ho ka ba molemo ha motho a itulela a le jwalo.


Ba ntse ba re sitisa ho bua ho baditjhaba hore baditjhaba ba tle ba pholoswe. Sena ke sebe sa ho qetela sa tseo ba nnileng ba di etsa, mme jwale kgalefo ya Modimo e qeteletse e ba kgaoleditse.


Se lebaleng ho ba mosa le ho thusana, hobane ana ke wona mahlabelo a kgahlisang Modimo.


Mamelang, lona barui, bokollang, le llele bosoto bo tlang ho le wela hodimo.


E se e le nako ya hore kahlolo e qale, mme e qale ka ba ntlo ya Modimo. Jwale ha e le moo e qala ka rona, qetello ya ba sa dumeleng molaetsa o molemo wa Modimo yona e tla ba jwang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos