Luka 21:24 - BIBELE24 Ba tla bolawa ka sabole, ba qhalanyetswe ditjhabeng tsohle e le bathopuwa, mme Jerusalema e tla hatakelwa ke baditjhaba, ho fihlela nako ya bona e fela.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)24 Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba. Ver CapítuloBaasraak Sotho NT24 Ba tla wa ka bohale ba lerumo, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethehe mehla ya ditjhaba. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 202424 Ba tla wa ka bohale ba lerumo, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethehe mehla ya ditjhaba. Ver Capítulo |
“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.
Monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, ya emeletseng hodingwana ho noka, a phahamisetsa matsoho a hae a mabedi lehodimong, a hlapanya ka Modimo ya phelang kamehla le mehla, mme ka utlwa a re: “E tla ba ka dilemo tse tharo le halofo. Ha matla a setjhaba se halalelang a se a fedisitswe, dintho tsena tsohle di tla etsahala.”
Kgosana e tla etsa selekane, e se etse le ba bangata, selekane seo e be sa dilemo di supile; bohareng ba nako ena ya selekane, e tla fedisa mahlabelo, e fedise le dinyehelo. Kgosana ena e bakileng nanaola e tla bea Manyala hodima tlhoro ya Tempele, ho fihlela pheletso e rerilweng ke Modimo e fihla, e wela hodima ya beileng Manyala, a a bea hodima tlhoro.”