Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 16:3 - BIBELE

3 Morena o bua tjena, ka bara le baradi ba tswaletsweng naheng ena, le ka basadi bao e leng bo-mma bona, le ka banna bao e leng bo-ntata bona:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane ho itswe ke Jehova bakeng sa bara le bakeng sa baradi ba ka tswalwang nqalong ena, le bakeng sa bomma bona ba ba belehang, le bakeng sa bontata bona ba ba tswalang fatsheng lena:

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 16:3
6 Referencias Cruzadas  

Ke tla eketsa bahlolohadi hara setjhaba sena, ba ngatafale ho feta hlabathe la lewatle. Hara mpa motsheare ke tla tlisa motimetsi, a timetse basadi ba tswetseng bahlankana, hanghang tshabo le thothomelo di ba wele hodimo.


“O se ke wa nyala mosadi kapa wa ba le bara le baradi sebakeng sena.


Morena o bua tjena: “O se ke wa kena ka tlung e nang le bofifi, o se ke wa lla le ba ka ho yona kapa wa ba tshedisa, hobane ke amohile setjhaba sena kgotso ya ka le lerato la ka le kutlwelobohloko ya ka,” ho rialo Morena.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ena ya lona, moo le ntseng le bona, hona sebakeng sena, ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.’


Kahoo Morena o bua tjena: “Ke tla hloma dikgopi tseleng ya tjhaba sena, di tla kgopa bo-ntata le bara ka ho tshwana, metswalle le ba ahelaneng le yona ba tla timela.”


‘Ere ho ba ntlo ya Iseraele, Morena Modimo o bua tjena: Bonang, ke tla silafatsa Sehalalelo sa ka, e leng qhobosheane eo le ikgantshang ka yona, eo le e ratang haholo, eo le e qenehelang. Bara le baradi ba lona, bao le ba siileng Jerusalema, ba tla bolawa ka sabole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos