Jakobo a nka dithutswana tse tala tsa difate tsa popoliri, le tsa perekisi, le tsa sefate sa hoki, a di ebola, a di etsa metaka e mesweu, mme a hlahisa bosweu bo ho tsona.
Jeremia 1:11 - BIBELE Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re: “Jeremia, o bonang?” Nna ka araba, ka re: “Ke bona lekala la sefate se kang sa perekisi.” Sesotho 1909/1961 (SO) Mme lentswe la Jehova la tla ho nna, la re: O bonang, Jeremia? Ka re: Ke bona lekala la sefate sa amanda. |
Jakobo a nka dithutswana tse tala tsa difate tsa popoliri, le tsa perekisi, le tsa sefate sa hoki, a di ebola, a di etsa metaka e mesweu, mme a hlahisa bosweu bo ho tsona.
le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha.
Yaba Morena o re ho nna: “Jeremia, o bonang?” Nna ka araba, ka re: “Feiye! Feiye e ntle, e ntle haholo, empa feiye e bodileng yona e bodile hoo e ke keng ya jewa.”
Ke nna Morena, ke bua seo ke se ratang, mme se tla phethahatswa ho se tikatiko. Lona setjhaba sa bafetohedi, mehleng ena ya lona ke tla phethahatsa tsohle tseo ke di bolelang, ho rialo Morena Modimo.’ ”
“Ka baka leo, ere ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mantswe a ka a ke ke a hlola a thisiswa, empa tseo ke di bolelang di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.’ ”
“Bonang letsatsi, bonang letsatsi le fihlile, mafube a se a diketse, lekala le fupuditse, boikgohomoso bo entse dithunthung.
Morena a mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka araba, ka re: “Ke bona kgwele e lekanyang.” Morena a re: “Bona! Ke tlilo bea kgwele e lekanyang hara setjhaba sa ka sa Iseraele; ha nka ke ka hlola ke se hauhela.
A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.” Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela.
La mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena.
Lengeloi la mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ke bona buka e fofang sebakeng: Bolelele ba yona ke dimethara tse robong, bophara ba yona ke dimethara tse nne le halofo.”
Hosasane ha Moshe a kena ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane, molamu wa Arone, o bakeng sa ntlo ya Levi, wa fuputsa, wa etsa dithunthung, wa beha ditholwana tse butsitsweng, tse kang tsa sefate sa perekisi.