Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 1:12 - BIBELE

12 Yaba Morena o re ho nna: “O bona hantle, hobane ke fadimehetse hore lentswe la ka le phethahatswe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova a re ho nna: O bontshisitse, hobane ke fadimehela lentswe la ka ho le etsahatsa.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 1:12
15 Referencias Cruzadas  

le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha.


Lentswe la Morena la boela la mphihlela kgetlo la bobedi, la re: “O bonang?” Nna ka re: “Ke bona pitsa e belang, eo molomo wa yona o furaletseng leboya.”


Yaba Morena o re ho nna: “Jeremia, o bonang?” Nna ka araba, ka re: “Feiye! Feiye e ntle, e ntle haholo, empa feiye e bodileng yona e bodile hoo e ke keng ya jewa.”


Jwalokaha ke ile ka hlokomela hore ke ba falatse, ke ba dihe, ke ba lahlele fatshe, ke ba ripitle, ke ba hlokofatse, ka mokgwa o jwalo ke tla hlokomela hore ke ba tsitsise, ke ba hodise,” ho rialo Morena.


Ke nna Morena, ke bua seo ke se ratang, mme se tla phethahatswa ho se tikatiko. Lona setjhaba sa bafetohedi, mehleng ena ya lona ke tla phethahatsa tsohle tseo ke di bolelang, ho rialo Morena Modimo.’ ”


“Ka baka leo, ere ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mantswe a ka a ke ke a hlola a thisiswa, empa tseo ke di bolelang di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.’ ”


A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.” Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela.


Jesu a re ho yena: “O arabile hantle. Etsa hoo, mme o tla phela.”


Ditsebi tse ding tsa Molao tsa araba, tsa re: “Moruti, o buile hantle,”


“Morena o ne a re ho nna: ‘Ba buile hantle.


Phetetso le puseletso ke tsa ka, mohla maoto a bona a kgetshemelang; tsatsi la tlokotsi ya bona le atametse, timelo ya bona e potlakile.


“Morena a utlwa dipolelo tsa lona, ha le bua le nna. Yaba Morena o re ho nna: ‘Ke utlwile dipolelo tsa setjhaba sena, tseo se di buileng ho wena. Tsohle tseo se di buileng, se di buile ka nepo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos