Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 1:13 - BIBELE

13 Lentswe la Morena la boela la mphihlela kgetlo la bobedi, la re: “O bonang?” Nna ka re: “Ke bona pitsa e belang, eo molomo wa yona o furaletseng leboya.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Lentswe la Jehova la tla ho nna la bobedi, la re: O bonang? Ka re: Ke bona pitsa e belang, molomo wa yona o tswa nqa leboya.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 1:13
10 Referencias Cruzadas  

“Ho ipheta ha toro ena ya Faro ho bolela hore ntho ena Modimo o e tiisitse, mme haufinyane Modimo o tla e phethahatsa.


le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha.


Yaba Morena o re ho nna: “Jeremia, o bonang?” Nna ka araba, ka re: “Feiye! Feiye e ntle, e ntle haholo, empa feiye e bodileng yona e bodile hoo e ke keng ya jewa.”


Ba re: ‘Nako ya ho haha matlo e sa le hole! Motse ona ke pitsa, mme rona re nama.’


“Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ditopo tseo le di lahletseng hara motse ke yona nama, mme motse ona wona ke pitsa, empa lona ke tla le ntsha kahara wona.


“Ka baka leo, ere ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mantswe a ka a ke ke a hlola a thisiswa, empa tseo ke di bolelang di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.’ ”


A mpotsa, a re: “Amose, o bonang?” Ka mo araba, ka re: “Ke bona seroto se tshetseng ditholwana tse butswitseng.” Yaba Morena o re ho nna: “Nako ya ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele e fihlile, mme ha nka ke ka hlola ke se hauhela.


La mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos