Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Lentswe la Jehova la tla ho nna la bobedi, la re: O bonang? Ka re: Ke bona pitsa e belang, molomo wa yona o tswa nqa leboya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Lentswe la Morena la boela la mphihlela kgetlo la bobedi, la re: “O bonang?” Nna ka re: “Ke bona pitsa e belang, eo molomo wa yona o furaletseng leboya.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 1:13
10 Referencias Cruzadas  

Ha toro e kile ya phetelwa Faro habedi, ke ho re, ke taba e tiisitsweng ke Modimo, mme Modimo o tla phakisa o e phethe.


ho dutse jwalo le lentswe la ka le tswang molomong wa ka: le ke ke la kgutlela ho nna le le feela, empa le tla sebetsa se ratwang ke nna, le phethe seo ke le rometseng sona.


Jehova a ba a re ho nna: O bonang, Jeremia? Ka re: Ke bona difeiye; difeiye tse monate di monate haholo; tse mpe tsona di mpe haholo, ha di na ho jewa, ke hoba di le mpe.


ba reng: Ha ho eso ho be nako; re ka nna ra haha matlo; motse ona ke pitsa, mme rona re dinama.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Babolauwa ba lona bao le ba rapaladitseng hara motse, ke bona bao e leng dinama, mme motse ke pitsa; haele lona, le tla ntshwa ho wona.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ha ho sa tla ba lentswe leha le le leng la ka le sa tla diehiswa; lentswe leo ke le buang, le mpa le tla etsahala: ho rialo Morena Jehova.


A re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng. Yaba Jehova o re ho nna: E se e le ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.


La re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona kandelare e leng ya kgauta feela, e nang le nkgo ya yona ya ole ntlheng ya yona, le dilampi tsa yona tse supileng kahodimo ho yona, le dipomponyana tse supileng ho e nngwe le e nngwe ya dilampi tseo tse kahodimo ho yona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos