Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jehova a re ho nna: O bontshisitse, hobane ke fadimehela lentswe la ka ho le etsahatsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Yaba Morena o re ho nna: “O bona hantle, hobane ke fadimehetse hore lentswe la ka le phethahatswe.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 1:12
15 Referencias Cruzadas  

ho dutse jwalo le lentswe la ka le tswang molomong wa ka: le ke ke la kgutlela ho nna le le feela, empa le tla sebetsa se ratwang ke nna, le phethe seo ke le rometseng sona.


Lentswe la Jehova la tla ho nna la bobedi, la re: O bonang? Ka re: Ke bona pitsa e belang, molomo wa yona o tswa nqa leboya.


Jehova a ba a re ho nna: O bonang, Jeremia? Ka re: Ke bona difeiye; difeiye tse monate di monate haholo; tse mpe tsona di mpe haholo, ha di na ho jewa, ke hoba di le mpe.


Jwalokaha nkile ka ba lebela ho epolla, le ho qhaqha, le ho ripitla, le ho senya, le ho ba etsa hampe, le hona ke tla ba lebela ho haha, le ho hloma, ho bolela Jehova.


Ntswe lefe kapa lefe leo ke le buileng, ntswe leo le tla phethahala, ha le sa tla diehiswa. Hobane ke mehleng ya lona, lona ba ntlo ya bahanyetsi, ke tlang ho bua lentswe le itseng, mme ke tla le etsahatsa: ho rialo Morena Jehova.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ha ho sa tla ba lentswe leha le le leng la ka le sa tla diehiswa; lentswe leo ke le buang, le mpa le tla etsahala: ho rialo Morena Jehova.


A re ho nna: O bonang, Amose? Ka re: Ke bona seroto se tletseng ditholwana tse butswitseng. Yaba Jehova o re ho nna: E se e le ho fela ha setjhaba sa ka sa Iseraele, ha ke sa tla hlola ke se tshwarela.


Jesu a re ho yena: O arabile hantle; etsa hoo, mme o tla phela.


Yaba ba bang ho bangodi ba bua, ba re: Moruti, o arabile hantle.


mme Jehova a re ho nna: Seo ba se boletseng ba se buile hantle;


Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.


Jehova a mamela dipolelo tsa lona, ha le bua le nna; Jehova a re ho nna: Ke utlwile dipolelo tseo setjhaba seno se o boleletseng tsona; tsohle tseo ba di boletseng ba di buile hantle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos