La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Jeremia 1:1 - BIBELE

Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine:

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Mantswe a Jeremia, mora Hilkia, e mong wa baprista ba Anathothe, lefatsheng la Benjamine,

Ver Capítulo



Jeremia 1:1
23 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya re ho moprista Abiatare: “Eya Anatote, ha hao. O lokela ho bolawa, empa kajeno o ke ke wa bolawa, hobane o ne o jara areka ya Morena Modimo, o etella pele ntate, Davida, mme o jarisana ditsietsi tsohle le yena.”


Naheng ya ba morabe wa Benjamine ba abelwa Geba le makgulo a yona, le Alemete le makgulo a yona, le Anatote le makgulo a yona. Kaofela metse ya bona, ho ya ka malapa abo bona, e ne le leshome le metso e meraro.


Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla.


A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae. A se ke a ikokobeletsa moporofeta Jeremia, eo e neng e le molomo wa Morena.


E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.”


Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a phethahatsa polelo eo a neng a e bolele ka Jeremia. Morena a susumetsa Siruse hore a etse phatlalatso ka lengolo, mme le romelwe mmusong wohle wa hae. Kgosi ya e ngola, ya re:


ba tswang Anatote e le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi;


Ena ke pono eo Esaya, mora wa Amose, a neng a e senolelwe mabapa le Juda le Jerusalema, mehleng ya ha ho busa Usiya le Jotame le Akase le Hesekiya, dikgosi tsa Juda.


Bokolla, wena moradi wa Galeme! Thea tsebe le wena Laesha! Wena Anatote o madimabe!


Sena ke seo Esaya, mora wa Amose, a ileng a se senolelwa mabapa le Juda le Jerusalema:


Ka baka lena, Morena o bua ka banna ba Anatote ba batlang ho o bolaya, ba reng: “O se ke wa porofeta ka lebitso la Morena, re tle re se ke ra o bolaya.”


Jwale ke ka baka lang o sa kang wa kgalemela Jeremia wa Anatote ya ikentseng moporofeta wa lona?


Lena ke lentswe la Morena le ileng la tla ho Jeremia, le re:


Jeremia o ile a tloha Jerusalema, a ya naheng ya Benjamine, ho ya fumana lefa la hae hara setjhaba sa habo.


lentswe la Morena la fihla ho moprista Esekiele, mora wa Busi, a le pela noka ya Kebare, naheng ya Bakalatiya, yaba matla a tswang ho Morena a a mo tsukutla.


nna Daniele ka ithuta Mangolong a Halalelang, ka tseba hore ho ya ka lentswe la Morena, le neng le fihle ho moporofeta Jeremia, ho tla feta dilemo tse mashome a supileng Jerusalema e ntse e le lesupi.


Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.


Yaba Amasiya, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, kgosi ya Iseraele, o re: “Amose o ntse a o rerela bora hona mona hara bana ba Iseraele. Naha ha e ka ke ya mamella puo tsena tsa hae.


Ba re: “Ba bang ba re: ‘Ke Johanne Mokolobetsi,’ ba bang ba re: ‘Ke Elia,’ mme ba bang ba re: ‘Ke Jeremia kapa e mong wa baporofeta.’ ”


Ya eba moo ho phethahalang ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re:


Yaba ho phethahala ho boletsweng ke moporofeta Jeremia, ha a re: “Ba nka ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo; theko ya ya ileng a beelwa theko, eo ba bang ba bana ba Iseraele ba ileng ba mmeela theko,